2015 Mphalane 31, Moqebelo
Se ke wa re:“Ke hobaneng ha tshiu tsa kgale
di bile molemo ho feta tsa kajeno?”
Ho botsa potso ena
ke ho hloka bohlale.
2015 Mphalane 30, Labohlane
Leha fate sa feiyese ke ke sa fupa,
kapa fate sa morara sa se ke sa beha;
leha mohlwaare
o ke ke wa beha ditholwana,
kapa kotulo ya eba siyo masimong;
leha masaka a dikgutswane a ka oma,
kapa masaka a dikgomo
a mela mohlwa,
nna ke tla nne ke ithabelle Morena,
ke nyakallele Modimo,
Mopholosi wa ka.
2015 Mphalane 29, Labone
Lona bana ba ka, le ba Modimo, mme le hlotse baporofeta bao, hobane ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le ba lefatshe.2015 Mphalane 28, Laboraru
Tshepo e sa phethahalenge nyahamisa pelo,
takatso tse phethahatswang
di ka fate sa bophelo.
2015 Mphalane 27, Labobedi
Tsoha, phatsima,hobane sedi la hao le tlile,
tlotla ya Morena
e phatsima hodima hao.
2015 Mphalane 26, Mmantaha
Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.2015 Mphalane 25, Sontaha
Motho o itherela tsela ya hae,empa ke Morena ya mo tataisang.
2015 Mphalane 24, Moqebelo
Ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato.2015 Mphalane 23, Labohlane
Ho madimabeya tsekisanang le Mmopi wa hae,
yena e leng lengetana
hara mangetana!
Na letsopa
le ka re ho sebopi sa lona:
‘O etsang?’
Na mosebetsi wa hao o ka re:
‘Ha o na tsebo’?
2015 Mphalane 22, Labone
Ke Morena ya fanang ka bohlale,tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.
2015 Mphalane 21, Laboraru
Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.2015 Mphalane 20, Labobedi
Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang, le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.2015 Mphalane 19, Mmantaha
Ke o batla ka pelo ya ka yohle;se ntumelle ho kgeloha,
ho kgeloha melao ya hao.
2015 Mphalane 18, Sontaha
Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.2015 Mphalane 17, Moqebelo
Jesu a boela a bua le bona, a re: “Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang ha a ka ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.”2015 Mphalane 16, Labohlane
Ke phahamisa matsoho a ka,ke a phahamisetsa ho wena,
moya wa ka o o nyoretswe
jwaloka lefatshe le omeletseng.
2015 Mphalane 15, Labone
Ke di fa bophelo bo sa feleng, mme ha di ka ke tsa timela le ka mohla. Ha ho ya tla di hlwibila matsohong a ka. Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle, mme ha ho ya ka tsebang ho di hlwibila matsohong a Ntate. Rona le Ntate re ntho e le nngwe.2015 Mphalane 14, Laboraru
Ho fihlela boqhekung ba lonaha ke eso fetohe,
ke tla nne ke le pepe
ho fihlela le eba bo-raputswe.
Ke nna ya le bopileng,
mme ke tla nne ke le sike,
ke tla nne ke le pepe,
ke le namolele.
2015 Mphalane 13, Labobedi
Morena, mohau wa haoo ke o be le rona,
hobane re tshepile wena.
2015 Mphalane 12, Mmantaha
Bana ba ka, itlhokomeleng medimong ya bohata.2015 Mphalane 11, Sontaha
Molaetsa ona o senola kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng; feela ho hlokahala tumelo ho tloha qalong ho isa qetellong, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ya lokileng o tla phela ka tumelo.”2015 Mphalane 10, Moqebelo
Maruo a bolotsana a tla fela hang,a kolletswang kahanyane
wona a a eketseha.
2015 Mphalane 9, Labohlane
Hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.2015 Mphalane 8, Labone
Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.2015 Mphalane 7, Laboraru
Hlohonolo la Morenale entsha motho,
ha ho maswabi ao le a tlisang.
2015 Mphalane 6, Labobedi
Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.2015 Mphalane 5, Mmantaha
Le lona bo-ntata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, empa le ba hodisetse Morena ka ho ba kgalemela le ho ba ruta hantle.2015 Mphalane 4, Sontaha
Morena o haufile bohle ba mo rapelang,
ba mo rapelang kannete.
2015 Mphalane 3, Moqebelo
Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae.2015 Mphalane 2, Labohlane
Mme tsohle tseo le di kopang ka thapelo, le dumela, le tla di fumana.2015 Mphalane 1, Labone
Kgosi eo e tlotlehang ke mang?Ke Morena wa mabotho,
ke yena Kgosi e tlotlehang.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...