Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu. Ba rorisa Modimo, ba ratwa ke batho bohle, mme ka letsatsi le letsatsi Morena a eketsa phutheho ka ba pholoswang.
Erekaha Kreste a ile a mamella mahloko mmeleng, le lona imatlafatseng ka maikutlo a tshwanang le a hae, hobane ya mameletseng mahloko mmeleng o kgaohane le sebe.
Yena eo leaho la hae le leng mahodimong, metheo ya lona o e hlomme hodima lefatshe; yena ya bokellang metsi a lewatle, a a bokelle, a a tshollele hodima lefatshe; lebitso la hae ke Morena.
Ya sitsang mojadi ka peo, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peo, a be a e ngatafatse, mme a le atisetse ditholwana tsa ho loka ha lona.
Hase ka sabole ba hapileng naha eo, leha e le ho hlola ka matsoho a bona; empa e bile ka tsoho la hao le letona, le ka sefea sa hao, le ka ho ba phuthollela fahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.
Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora Motho a tla le nea tsona, hobane Modimo Ntate o mo neile matla.
Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.
Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.