2017 Hlakubele 31, Labohlane
Tshimolohong Modimo o ne a hlole lehodimo le lefatshe. Lefatshe le ne le se na sebopeho, le se na letho; lefifi le ne le aparetse bodiba. Moya wa Modimo o ne o okaokela metsi.2017 Hlakubele 30, Labone
Nako e fihlile, Mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele molaetsa o molemo.2017 Hlakubele 29, Laboraru
Ya lokilengo bua puo tse thabisang,
athe ya kgopo
o tseba ho sokamisa ditaba.
2017 Hlakubele 28, Labobedi
Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.2017 Hlakubele 27, Mmantaha
Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena.’2017 Hlakubele 26, Sontaha
Morena o tla o sireletsa,a o sireletse bobeng bohle,
a baballe bophelo ba hao.
Morena o tla o lebela
ha o eya le ha o kgutla,
ho tloha jwale le kamehla yohle.
2017 Hlakubele 25, Moqebelo
Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.2017 Hlakubele 24, Labohlane
Jwale bopaki boo ke bona: Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo bona re bo fumana ka Mora wa hae.2017 Hlakubele 23, Labone
Boikokobetso le ho tshaba Morenadi tlisa leruo le tlotla le bophelo.
2017 Hlakubele 22, Laboraru
Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.2017 Hlakubele 21, Labobedi
Hobane Morena Modimo wa lona, o mosa, o mohau. A ke ke a le furalla, ha le kgutlela ho yena.2017 Hlakubele 20, Mmantaha
Jwalokaha kgamae labalabela metsi a melatswana,
le wona moya wa ka
o o labalabela jwalo,
o labalabela wena Modimo.
2017 Hlakubele 19, Sontaha
Diphiri di senolwa ke yena,tse mafifing le tsona o a di tseba,
leaho la lesedi le fumanwa ho yena.
2017 Hlakubele 18, Moqebelo
Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya, e le hore, ka tumelo, Kreste a ahe ka dipelong tsa lona. Le tsitse, le tiye leratong.2017 Hlakubele 17, Labohlane
Mahlong a hao dilemo tse seketedi ka letsatsi la maobane
le seng le fetile,
di ka nakwana ya bosiu.
2017 Hlakubele 16, Labone
Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.2017 Hlakubele 15, Laboraru
Baratuwa, ha e le moo Modimo a re ratile jwalo, le rona re tshwanetse ho ratana.2017 Hlakubele 14, Labobedi
Ke tshabela ho wena Morena;ke se ke ka hlajwa ke dihlong
le ka mohla.
Ako nnamolele
ka baka la ho loka ha hao.
2017 Hlakubele 13, Mmantaha
Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.2017 Hlakubele 12, Sontaha
Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.2017 Hlakubele 11, Moqebelo
Ke a o thabela,ke nyakallela ho wena;
ke roka lebitso la hao,
wena Ya Hodimodimo.
2017 Hlakubele 10, Labohlane
“Na mosadi a ka lebala lesealeo a le anyesang,
a se ka hauhela ngwana
wa popelo ya hae?
Leha yena a ka lebala,
nna ha nka ke ka o lebala!”
Bona! ke ngotse bitso la hao
kahara diatla tsa ka,
marako a hao
ke ntse ke a bona kamehla.
2017 Hlakubele 9, Labone
Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.2017 Hlakubele 8, Laboraru
Ya kgopo o a adima,empa ha a busetse;
ya lokileng o na le mohau, o a fana.
2017 Hlakubele 7, Labobedi
Boholo, le matla, le tlotlake tsa hao, Morena,
le tlholo, le botlotlehi.
Tsohle tse lehodimong le lefatsheng
ke tsa hao;
mmuso ke wa hao, Morena,
ke wena hlooho,
o phahametse tsohle.
2017 Hlakubele 6, Mmantaha
Empa ke le bolella nnete: Ho molemo ho lona hore ke ye, hobane ha ke sa ye, Mothusi a ke ke a tla ho lona; athe ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.2017 Hlakubele 5, Sontaha
Dithaba di eso be teng,le lefatshe, le tsohletsohle
di eso hlahe,
haesale o le Modimo
ya se nang bofelo.
2017 Hlakubele 4, Moqebelo
Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.2017 Hlakubele 3, Labohlane
Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata.2017 Hlakubele 2, Labone
Mora wa ka,se lebale thuto ya ka,
pelong ya hao
melao ya ka o e boloke,
o tlo lelefaletswe matsatsi a hao,
lemo tsa kgotso di tle di o atele.
2017 Hlakubele 1, Laboraru
‘Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.’Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...