DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Hlakola 2017)

2017 Hlakola 28, Labobedi

Ha e le nna
ke tla o nyehella ka sehlabelo,
ke ntse ke o binela ka teboho,
ke phetha le tsona dikano tsa ka.
Pholoho e tswa ho Morena!

2017 Hlakola 27, Mmantaha

Haeba e se Morena
ya hahang ntlo,
ba e hahang ba sebeletsa lelea.
Haeba e se Morena
ya lebelang motse,
ya o lebelang o fadimehela lefeela.

2017 Hlakola 26, Sontaha

Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong.

2017 Hlakola 25, Moqebelo

Ha ho ntho e nthabisang ho feta ho utlwa hore bana ba ka ba tsamaya nneteng.

2017 Hlakola 24, Labohlane

Ke a o rata Morena,
wena matla a ka.
Morena ke lehaha la ka,
ke qhobosheane ya ka,
ke monamoledi wa ka.
Modimo wa ka ke lefika la ka,
leo ke tshabelang ho lona;
Morena ke thebe ya ka,
ke lenaka la ka le ntwanelang,
ke seqhobo sa ka.

2017 Hlakola 23, Labone

A araba, a re: “Na ha le eso bale hore tshimolohong Mmopi ‘o ile a etsa e motona le e motshehadi?’ Mme a re: ‘Ka baka lena monna o tla tlohela ntatae le mmae, a matahane le mosadi wa hae, mme ba babedi bao ba tla fetoha ntho e le nngwe.’ Kahoo ha ba sa le ba babedi, e se e le ntho e le nngwe. Seo Modimo a se kopantseng se se ke sa arohanngwa ke motho.”

2017 Hlakola 22, Laboraru

Morena o bua tjena ho ba ntlo ya Iseraele, o re:
“Mpatleng, le tle le phele.”

2017 Hlakola 21, Labobedi

Tsohle jwale di utlwahetse,
mme qetello ya taba ke ena:
Tshaba Modimo,
o boloke melao ya hae,
hoba hona
ke tshwanelo yohle ya motho.

2017 Hlakola 20, Mmantaha

Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla. Ha re ratana, Modimo o phela ka ho rona, mme lerato la hae le phethehile ka ho rona.

2017 Hlakola 19, Sontaha

Kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halaleditsweng, ba ratwang ke yena, ebang le kutlwelobohloko, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le boiphapanyo.

2017 Hlakola 18, Moqebelo

A ke a o fe
se ratwang ke pelo ya hao,
a phethahatse merero yohle ya hao.

2017 Hlakola 17, Labohlane

Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.

2017 Hlakola 16, Labone

“Kgutla, wena Iseraele
wa mokwenehi,”
ho rialo Morena.
“Ha nka ke ka hlola
ke o sosobanyetsa sefahleho,
hobane ke mohau,”
ho rialo Morena.
“Ha ke na ho o halefela
kamehla yohle.”

2017 Hlakola 15, Laboraru

Morena o beile leihlo la hae
ho ba mo tshabang,
bona ba tshepileng mohau wa hae.

2017 Hlakola 14, Labobedi

Le se ke la ba le molato wa letho ho motho, haese wa ho ratana, hobane ya ratang wa habo o phethile Molao ka ho tlala.

2017 Hlakola 13, Mmantaha

Itlhokomeleng, esere la lahlehelwa ke tseo le di sebeleditseng, le tle le mpe le amohele moputso o tletseng.

2017 Hlakola 12, Sontaha

Ba tshepahalang
ba tataiswa ke botshepehi ba bona,
ba sa tshepahaleng bona ba timela,
ba timetswa
ke ho se tshepahale ha bona.

2017 Hlakola 11, Moqebelo

Empa ba tshepileng Morena
ba tla tsoha molota,
ba fofele hodimo jwaloka ntsu;
ba tla matha,
empa ba ke ke ba kgathala,
ba tsamaye,
ba se ke ba fellwa ke matla.

2017 Hlakola 10, Labohlane

Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.

2017 Hlakola 9, Labone

Oho, Morena, Modimo wa mabotho,
ako boele o re tsose,
o re bontshe sefahleho
se kganyang kgotso,
re tle re pholohe.

2017 Hlakola 8, Laboraru

Empa nna ke re ho lona ba mmametseng: Ratang dira tsa lona, etsang ba le hloileng hantle, hlohonolofatsang ba le rohakang, mme le rapelle ba le etsang hampe.

2017 Hlakola 7, Labobedi

Morena wa kgotso ka sebele a ke a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle. Morena a ke a be le lona bohle.

2017 Hlakola 6, Mmantaha

Ruta ngwana tsela ya ho phela,
ha a hodile a ke ke be a fapoha.

2017 Hlakola 5, Sontaha

Motho ya molemo o ntsha ho molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme e mobe o ntsha ho hobe letlotlong le lebe la pelo ya hae, hobane molomo wa hae o bua se tletseng ka pelong ya hae.

2017 Hlakola 3, Labohlane

Motho ya kgopo
o amohela moputso wa bolotsana,
ya jalang ho loka
o kotula moputso wa nnete.

2017 Hlakola 2, Labone

Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.

2017 Hlakola 1, Laboraru

Ebang le kutlwelobohloko, jwalokaha Ntata lona a ena le kutlwelobohloko.

Temana ya Bibele ya lehono

Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela