DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Phesekgong 2017

2017 Phesekgong 31, Labobedi

Ha ke ne ke patisitswe,
ka ipiletsa ho Morena;
Morena a nkarabela, a ntokolla.

2017 Phesekgong 30, Mmantaha

Ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng.

2017 Phesekgong 29, Sontaha

Hobane Mangolo a re: “Mang le mang ya dumelang ho yena ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”

2017 Phesekgong 28, Moqebelo

Ba buelle,
o ba ahlolele ka toka,
o emele nyewe tsa bafumanehi
le wona mafutsana.

2017 Phesekgong 27, Labohlane

Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa.

2017 Phesekgong 26, Labone

Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.

2017 Phesekgong 25, Laboraru

Ntlhahlobe, Modimo,
o tsebe pelo ya ka;
o nnonye maikutlo,
o tsebe mehopolo ya ka;
o bone hore na ke tseleng e mpe,
o ntsamaise tseleng
ya kamehla yohle.

2017 Phesekgong 24, Labobedi

Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.

2017 Phesekgong 23, Mmantaha

Bana ba ka, lerato la rona e se ke ya eba la mantswe kapa la leleme feela, empa e be la diketso le la nnete.

2017 Phesekgong 22, Sontaha

Morena o beile leihlo la hae
ho ba lokileng,
o sekehetse sello sa bona tsebe.

2017 Phesekgong 21, Moqebelo

Kaha o bile ntho ya bohlokwa,
o hlompheha mahlong a ka,
hobane ke o rata,
ke tla fana ka batho
bakeng sa hao,
ke fane ka ditjhaba
bakeng sa bophelo ba hao.

2017 Phesekgong 19, Labone

Sethoto se nyedisa
thuto ya ntata sona,
athe ya ratang kgalemo
yena o a hlalefa.

2017 Phesekgong 18, Laboraru

Mantswe ana ao ke o laelang wona hona kajeno a be ka pelong ya hao. O a rute bana ba hao ka hloko, o bue ka wona ha o dutse ka tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o paqame, leha o tsoha.

2017 Phesekgong 17, Labobedi

Ke nna monyako; ha motho a kena ka nna o tla pholoswa, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.

2017 Phesekgong 16, Mmantaha

Wena Ya Hodimodimo,
mohla ke tshohileng,
ke tla tshepa wena.

2017 Phesekgong 15, Sontaha

Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.

2017 Phesekgong 14, Moqebelo

Fadimehang, mme le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa mmele o a fokola.

2017 Phesekgong 13, Labohlane

Motho ya kgopo o duka kgotso,
mosebi yena o qabanya metswalle,
metswalle ya hlooho ya kgomo.

2017 Phesekgong 12, Labone

Ke mang he, ya tla re arohanya le lerato la Kreste? Na ke matshwenyeho, kapa ditlallo, kapa tlhoriso, kapa tlala, kapa tlhobolo, kapa kotsi, kapa sabole?

2017 Phesekgong 11, Laboraru

Leha ho le jwalo le se ke la thabela hobane meya e ditshila e ikokobeletsa lona, empa le thabele hobane mabitso a lona a ngotswe mahodimong.

2017 Phesekgong 10, Labobedi

Ha e le nna ke tla bina,
ke rorise matla a hao,
e sa le hosasa ke tla bolela,
ke bolele tsa mohau wa hao
ke di bolele ka mehoo ya thabo,
hobane o bile qhobosheane ya ka,
o bile setshabelo sa ka
mohla tsatsi
la matshwenyeho a ka.

2017 Phesekgong 9, Mmantaha

Le se ke la etsa letho ka kgang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong wa lona a nke ba bang ba le baholo ho yena.

2017 Phesekgong 8, Sontaha

Morena Modimo wa rona, a be le rona, jwalokaha a bile le bo-ntata rona; a se ke a re lahla, a re furalla.

2017 Phesekgong 7, Moqebelo

Maruo a fumanweng ka bokgopo
ha a na thuso,
empa toka e lokolla motho lefung.

2017 Phesekgong 6, Labohlane

Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.

2017 Phesekgong 5, Labone

Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.

2017 Phesekgong 4, Laboraru

Tsela tsa Modimo di phethehile,
tshepiso tsa Modimo ke tsa nnete,
yena ke thebe ya bohle
ba tshabelang ho yena.

2017 Phesekgong 3, Labobedi

Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng.

2017 Phesekgong 2, Mmantaha

Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya.

2017 Phesekgong 1, Sontaha

Haleluja!
Ho lehlohonolo
ya tshabang Morena,
ya thabelang melao ya hae haholo.