2016 Tshitwe 31, Moqebelo
Jwale Modimo ya re fang tshepo a ke a le tlatse ka thabo yohle le ka kgotso ka baka la ho dumelo ho yena, hore le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.2016 Tshitwe 30, Labohlane
Modimo o itebaditse dinako tsa ho se tsebe ha batho, empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake.2016 Tshitwe 29, Labone
Motho wa nneteo tsamaya a sireletsehile,
ya se nang nnete, yena o tla senolwa.
2016 Tshitwe 28, Laboraru
Hoba a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a rata ho ba wa pele, e be wa ho qetela ho bohle le mosebeletsi wa bohle.”2016 Tshitwe 27, Labobedi
Rona re na le lerato, hobane yena o re ratile pele.2016 Tshitwe 26, Mmantaha
Jwalokaha botjhabelabo le hole le bophirimela,
le ditlolo tsa rona o a di suthisa,
o di suthisetsa hole le yena hakaalo.
2016 Tshitwe 25, Sontaha
Tlotla e be ho Modimomahodimong a hodimodimo,
kgotso e be lefatsheng
ho batho ba mo kgahlang!
2016 Tshitwe 24, Moqebelo
Le Josefa a nyoloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida o bitswang Betlelehema, hobane yena e ne e le wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae. A ingodisa le Maria, eo a mo lebeleditseng, eo e neng e le moimana.2016 Tshitwe 23, Labohlane
Ako bontshe mohlanka wa hao,o mmontshe sefahleho,
sefahleho se kganyang kgotso,
o mpholose ka mohau wa hao.
2016 Tshitwe 22, Labone
Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona.2016 Tshitwe 21, Laboraru
Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.2016 Tshitwe 20, Labobedi
Morena, ke o bokaka pelo ya ka yohle,
ke bolela dimakatso tsohle tsa hao.
2016 Tshitwe 19, Mmantaha
Etsang tsohle ntle ho pelaelo kapa ngangisano, e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng, ka ho o tlisetsa lentswe la bophelo.2016 Tshitwe 18, Sontaha
Oho, Morena,ke wena Modimo wa ka,
ke tla o tlotla,
ke rorise lebitso la hao,
hobane wena o entse dimakatso,
merero ya hao ya kgale
e a tshepeha, ke ya nnete.
2016 Tshitwe 17, Moqebelo
Ha o re maruo hedi!o tla bona a sa nyametse,
hobane a tla fela a mele mapheo,
a fofele hodimo sa ntsu,
sa ntsu e le sepakapakeng.
2016 Tshitwe 16, Labohlane
Jwalokaha ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong yohle ya lona,hobane ho ngotswe, ho thwe: “Le halalele, hobane le nna ke a halalela.”
2016 Tshitwe 15, Labone
Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.2016 Tshitwe 14, Laboraru
Morena o rata ho loka,mme a ke ke
a furalla batshepuwa ba hae.
Ba kgopo ba tla timella ruri,
ditloholo tsa bona di tla fediswa.
2016 Tshitwe 13, Labobedi
Lerato le na le mamello, lerato le mosa; ha le na mohono, ha le na boikakaso, ha le na boikgohomoso, ha le na mekgwa e mebe, ha le ikgopolele, ha le halefe, ha le na disuwa.2016 Tshitwe 12, Mmantaha
Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.2016 Tshitwe 11, Sontaha
O se ipone o le bohlale,tshaba Morena, o sesefe bobe.
O tla phela hantle mmeleng,
masapo a hao a tiye.
2016 Tshitwe 10, Moqebelo
Mme mang le mangya tla rapela Morena
o tla pholoswa!
2016 Tshitwe 9, Labohlane
Morena o tla nne a ntopolle mesebetsing yohle e kgopo, a mpholose, a nkise Mmusong wa hae wa lehodimo. Tlotla e ke e be ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!2016 Tshitwe 8, Labone
Ruri lehlohonolo le mohaudi tla ba le nna,
ka matsatsi wohle a bophelo ba ka;
mme ke tla phela ka tlung ya Morena,
ke phele kateng kamehla yohle.
2016 Tshitwe 7, Laboraru
Ho se be ya ipatlelang tse molemo, empa e mong a batlele e mong tse molemo.2016 Tshitwe 6, Labobedi
Bonang, kajeno le nna ke ya boyabatho. Botebong ba dipelo tsa lona, le maikutlong a lona, le tseba hantle hore ha ho ntho le e nngwe ya dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a le tshepisitseng tsona, e sa kang ya phethahala. Tsohle di phethahetse, ha ho le e nngwe e sa kang ya phethahala.2016 Tshitwe 5, Mmantaha
Ho fumana bohlaleho molemo ho feta kgauta,
ho fumana kutlwisiso
ho molemo ho feta silefera.
2016 Tshitwe 4, Sontaha
Rona re na le Modimo a le mong e leng Ntate. Ke yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, eo re mo phelelang. Hape re na le Morena a le mong, e leng Jesu Kreste. Ke yena eo dintho tsohle di entsweng ka yena, eo re phelang ka yena.2016 Tshitwe 3, Moqebelo
Jwale ho se be ya ka le ahlolelang tseo le di jang, kapa tseo le di nwang, kapa ho boloka matsatsi a mekete, kapa a ho thwasa ha kgwedi, kapa a Disabatha. Tsena tsohle e ne e le seriti feela sa tse tlang ho tla; hoo e leng ha nnete ke Kreste.2016 Tshitwe 2, Labohlane
Modimo o re hlohonolofaditse,a tshajwe ke bohle lefatsheng,
ho isa dipheletsong tsa lona.
2016 Tshitwe 1, Labone
Le se ke la rata lefatshe le tsa lona. Haeba motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ka ho yena.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...