2026 Motsheanong 31, Sontaha
Hobane Kreste ke yena qetello ya Molao, ho lokafatsa mang le mang ya dumelang.2026 Motsheanong 30, Moqebelo
Ke ile ka potlaka, ka se ke ka diehaho boloka melao ya hao.
2026 Motsheanong 29, Labohlane
Itjariseng joko ya ka, le ithute ka nna, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobeditseng, mme le tla fumana phomolo. Joko ya ka e bonolo, mme thoto ya ka e bobebe.2026 Motsheanong 28, Labone
Ha a se a entswe ya phethehileng, e bile mohlodi wa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang.2026 Motsheanong 27, Laboraru
Mahlo a haoa tadime kapele ho wena,
dintshi tsa hao di se ke tsa panya.
2026 Motsheanong 26, Labobedi
Ha ho le jwalo, phethehang jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethehile.2026 Motsheanong 25, Mmantaha
Bohle ba tla tseba ka hona hore le barutuwa ba ka, ha le ratana.2026 Motsheanong 24, Sontaha
Etsa hore ke tsebe mohau wa hao,ke o tsebe e sa le hoseng,
hobane ke o tshepile;
mpontshe tsela
eo nka tsamayang ka yona,
hobane ke o rapela
ka moya wa ka wohle.
2026 Motsheanong 23, Moqebelo
Empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.2026 Motsheanong 22, Labohlane
Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.2026 Motsheanong 21, Labone
Hoba ke nna Morena,Morena Modimo wa hao,
ya utlang tsoho la hao le letona,
ya reng: ‘Se tshabe,
nna ke tla o thusa.’
2026 Motsheanong 20, Laboraru
Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.2026 Motsheanong 19, Labobedi
Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?2026 Motsheanong 18, Mmantaha
Mahlo a ka a tadima dithabeng;ekaba thuso ya ka e tla tswa kae?
Thuso ya ka e tswa ho Morena,
ya entseng mahodimo le lefatshe.
2026 Motsheanong 17, Sontaha
Tshimolohong Modimo o ne a hlole lehodimo le lefatshe. Lefatshe le ne le se na sebopeho, le se na letho; lefifi le ne le aparetse bodiba. Moya wa Modimo o ne o okaokela metsi.2026 Motsheanong 16, Moqebelo
Tshimolohong Lentswe le ne le le teng. Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.2026 Motsheanong 15, Labohlane
Ya pakang tsena o re: “E, ke tla tla kapele.”A ho be jwalo! Tloo, Morena Jesu.
2026 Motsheanong 14, Labone
Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo.2026 Motsheanong 13, Laboraru
Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”2026 Motsheanong 12, Labobedi
Rolela morwalo wa hao ho Morena,mme o tla o jarisa;
a ke ke a tlohella ya lokileng
hore a sisinngwe le ka mohla.
2026 Motsheanong 11, Mmantaha
Le sa hloka mamello, e le hore, ka ho phetha thato ya Modimo, le tle le amohele seo le se tshepisitsweng.2026 Motsheanong 10, Sontaha
Jwalokaha motho eoa tswetswe a le feela,
o tla ya lebitleng
a ntsa le feela.
Hara tsohle
tseo a di sebeditseng,
a ke ke a nka le e nngwe
ka letsoho la hae.
2026 Motsheanong 9, Moqebelo
Ya ratang ditsheboo hlahatsa makunutu,
ya tshepahalang yena o na le sefuba.
2026 Motsheanong 8, Labohlane
Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.2026 Motsheanong 7, Labone
Ho feta tsohle, bana beso, le se ke la hlapanya leha e le ka lehodimo kapa ka lefatshe, leha e le ka mokgwa ofe kapa ofe. Ha le re “e”, le re “e”; ha le re “tjhe”, le re “tjhe”; e le hore le se ke la welwa ke kahlolo.2026 Motsheanong 6, Laboraru
Ako kgahlwe ke mantswea tswang molomong wa ka,
le ke menahano e ka pelong ya ka,
wena Morena, lefika la ka,
le molopolli wa ka.
2026 Motsheanong 5, Labobedi
Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo?2026 Motsheanong 4, Mmantaha
Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.”2026 Motsheanong 3, Sontaha
Ketso tsa mothodi tadimeha di lokile ho yena,
empa Morena
o lekola sepheo sa hae.
2026 Motsheanong 2, Moqebelo
Empa ha ho na ho ba jwalo ho lona; ya batlang ho ba e moholo hara lona; e tla ba mosebeletsi wa lona, mme ya batlang ho ba wa pele hara lona, e tla ba mohlanka wa lona.2026 Motsheanong 1, Labohlane
Modimo a hlohonolofatsa letsatsi leo la bosupa, a le halaletsa, hobane ka lona o ile a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng ka ho o hlola.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...