DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Phupjane 2026

2026 Phupjane 30, Labobedi

Mantswe ana ao ke o laelang wona hona kajeno a be ka pelong ya hao. O a rute bana ba hao ka hloko, o bue ka wona ha o dutse ka tlung ya hao, leha o tsamaya tseleng, leha o paqame, leha o tsoha.

2026 Phupjane 29, Mmantaha

Efela lentswe la Morena le lokile,
mesebetsi yohle ya hae
ke ya nnete.

2026 Phupjane 28, Sontaha

Empa ke le bolella nnete: Ho molemo ho lona hore ke ye, hobane ha ke sa ye, Mothusi a ke ke a tla ho lona; athe ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.

2026 Phupjane 27, Moqebelo

Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.

2026 Phupjane 26, Labohlane

Ya bolokang ditaelo
o baballa bophelo ba hae,
ya sa hlokomeleng metsamao ya hae
o tla shwa.

2026 Phupjane 25, Labone

Tumelo ke ho tshepa dintho tse ntseng di lebeletswe, ke ho kgodiseha ka tse esong ho bonwe.

2026 Phupjane 24, Laboraru

Ba re: “Dumela ho Morena Jesu, mme wena le ba lelapa la hao le tla pholoswa.”

2026 Phupjane 23, Labobedi

Ho lehlohonolo
ba latelang ditemoso tsa hae,
ba mmatlang
ka pelo tsohle tsa bona.

2026 Phupjane 22, Mmantaha

Borui, le bohlale,
le tsebo ya Modimo
di kaakang!
Dikahlolo tsa hae
di ka hlaloswa jwang!
Ditsela tsa hae
di ka utlwisiswa jwang!

2026 Phupjane 21, Sontaha

Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo.

2026 Phupjane 20, Moqebelo

Se kgahlwe ke motho
ya kgantshang bohanka,
se latele le e nngwe ya tsela tsa hae.
Morena o hloile ya sothang nnete,
empa ya lokileng
yena o a mo tshepa.

2026 Phupjane 19, Labohlane

Ha ho ka etsahala, bolokang kgotso le batho bohle, ho ya kamoo le ka kgonang kateng.

2026 Phupjane 18, Labone

Ba kgathetseng ke tla ba kgatholla, ba lapileng ke tla ba fepa.

2026 Phupjane 17, Laboraru

Motho wa batho
ha a ipiletsa ho Morena,
Morena o a mo utlwa,
o mo pholosa
matshwenyehong wohle a hae.

2026 Phupjane 16, Labobedi

Ha lefatshe le le hloya, tsebang hore le ile la ntlhoya pele ho lona.

2026 Phupjane 15, Mmantaha

Ke seo le se bitseditsweng, hobane Kreste le yena o ile a hlokofatswa ka baka la lona, mme a le siela mohlala, hore le tle le hate mehatong ya hae.

2026 Phupjane 14, Sontaha

Morena o a futsanehisa,
o bile o a ruisa,
o a kokobetsa,
o bile o a phahamisa.

2026 Phupjane 13, Moqebelo

Haeba le etsa hantle ba le etsang hantle, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe ba etsa jwalo.

2026 Phupjane 12, Labohlane

Haeba le thahasella nnete, ke mang ya ka le etsang hampe?

2026 Phupjane 11, Labone

Morena Modimo wa rona
a ke a be mosa ho rona,
a atlehise mosebetsi
wa matsoho a rona,
e, a atlehise mosebetsi
wa matsoho a rona.

2026 Phupjane 10, Laboraru

Matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tseo e leng tsa bophelo le tsa borapedi, ka ho re fa tsebo e tletseng ya ya re bitsitseng ka tlotla ya hae le ka matla a hae.

2026 Phupjane 9, Labobedi

Lemohang makgwaba: Ha a jale, ha a kotule, ha a na ntlo ya polokelo, leha e le sesiu, empa Modimo o a a fepa. Lona le feta dinonyana hakaakang!

2026 Phupjane 8, Mmantaha

Fana ka tse molemo
ho ba di hlokang,
ha o ena le matla a ho etsa jwalo.

2026 Phupjane 7, Sontaha

Hoba a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a rata ho ba wa pele, e be wa ho qetela ho bohle le mosebeletsi wa bohle.”

2026 Phupjane 6, Moqebelo

Ho se be ya ipatlelang tse molemo, empa e mong a batlele e mong tse molemo.

2026 Phupjane 5, Labohlane

Morena, hopola lerato
le mohau wa hao,
hobane esale o le teng
ho tloha kgale.
Nteballe dibe le ditlolo
tsa botjha ba ka,
nkgopole ka mohau wa hao.

2026 Phupjane 4, Labone

Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.

2026 Phupjane 3, Laboraru

Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.

2026 Phupjane 2, Labobedi

Ya patang dibe tsa hae
a ke ke a ba le katleho;
ya ipolelang tsona, a di bakela,
o tla fumana mohau.

2026 Phupjane 1, Mmantaha

Jwale he, ba leng ho Kreste ha ba sa tla ahlolwa, hobane molao wa Moya o Halalelang o re phedisang ho Kreste Jesu o ntokolotse molaong wa sebe le lefu.

Temana ya Bibele ya lehono

Mme ‘ho mo rata ka pelo yohle, le ka kelello yohle, le ka matla wohle, le ho rata mohahabo rona jwalokaha re ithata,’ ho feta ditjheso tsohle le mahlabelo wohle.

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong? Le rekilwe ka theko e phahameng. Ka baka leo, tlotlisang Modimo ka mmele ya lona.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela