2026 Phupu 31, Labohlane
Dintho tsohle di bile teng ka lona, mme ha ho letho le bileng teng haese ka lona.2026 Phupu 30, Labone
Ke yena ya theileng dithaba,a ba a bopa le meya.
O senolela motho mehopolo ya hae,
a fetole meso, a e etse lefifi.
O tsamaya a phahametse lefatshe,
lebitso la hae ke Morena,
Morena, Modimo wa mabotho.
2026 Phupu 29, Laboraru
Ruri Morena o tla ntswela molemo,a ntswele molemo
lefatsheng la ba phelang.
2026 Phupu 28, Labobedi
Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.2026 Phupu 27, Mmantaha
Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.2026 Phupu 26, Sontaha
Ya tsamayang le bahlalefio a hlalefa,
molekane wa dithoto
yena o a thotofala.
2026 Phupu 25, Moqebelo
Jesu ke yena eo e leng“ ‘lejwe le lahlilweng ke lona, dihahi,
le fetohileng lejwe la mantlha.’ ”
2026 Phupu 24, Labohlane
Tsohle jwale di utlwahetse,mme qetello ya taba ke ena:
Tshaba Modimo,
o boloke melao ya hae,
hoba hona
ke tshwanelo yohle ya motho.
2026 Phupu 23, Labone
Molao wa Morena o phethehile,ke mmusapelo;
temoso tsa Morena di a tshepahala,
di hlalefisa sethoto.
2026 Phupu 22, Laboraru
Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.2026 Phupu 21, Labobedi
Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.2026 Phupu 20, Mmantaha
Ya elang ditaelo hloko o a atleha,ya tshepang Morena
o a hlohonolofala.
2026 Phupu 19, Sontaha
Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.2026 Phupu 18, Moqebelo
Ka seroko, Paulosi le Silase ba rapela, ba tlotlisa Modimo ka difela, mme batshwaruwa ba ba mamela.2026 Phupu 17, Labohlane
Molomo wa ka o tla howa ka thabo,o howe ha ke o roka,
le wona moya wa ka
oo o o lopolotseng.
2026 Phupu 16, Labone
Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.2026 Phupu 15, Laboraru
Ke a le bolella, lentswe le leng le le leng la bosawana leo batho ba le buang, ba tla ikarabella hodima lona ka letsatsi la kahlolo.2026 Phupu 14, Labobedi
Sethoto se sitwa ho itshwaraha se halefa,
empa ya bohlale
o iphapanyetsa dikgopiso.
2026 Phupu 13, Mmantaha
Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng.2026 Phupu 12, Sontaha
Ha ho le jwalo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; ke wona Molao le Baporofeta.2026 Phupu 11, Moqebelo
Ke o batla ka pelo ya ka yohle;se ntumelle ho kgeloha,
ho kgeloha melao ya hao.
2026 Phupu 10, Labohlane
Mme ‘ho mo rata ka pelo yohle, le ka kelello yohle, le ka matla wohle, le ho rata mohahabo rona jwalokaha re ithata,’ ho feta ditjheso tsohle le mahlabelo wohle.2026 Phupu 9, Labone
Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong.2026 Phupu 8, Laboraru
“Leha dithaba di ka sisinngwale maralla a suthiswa,
lerato la ka le matla ho wena
le ke ke la sisinyeha,
kapa selekane sa ka sa kgotso
sa fediswa,”
ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko.
2026 Phupu 7, Labobedi
Empa ya tla tiisetsa ho fihlela qetellong, yena o tla pholoswa.2026 Phupu 6, Mmantaha
Wena Morena,o busa kamehla yohle,
terone ya hao
e hlomamiseditswe meloko yohle.
2026 Phupu 5, Sontaha
Morena, mohau wa haoo ke o be le rona,
hobane re tshepile wena.
2026 Phupu 4, Moqebelo
Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao.2026 Phupu 3, Labohlane
Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.2026 Phupu 2, Labone
Wena motho,o boleletswe se molemo;
ebe Morena
o lebeletse eng ho wena?
Ke ho etsa tse lokileng,
le ho ba le lerato,
le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.
2026 Phupu 1, Laboraru
Rona re na le lerato, hobane yena o re ratile pele.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Jwalokaha ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong yohle ya lona,hobane ho ngotswe, ho thwe: “Le halalele, hobane le nna ke a halalela.”