DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Tšhegofatšo (3/4)

  • Jwale, Iseraele, seo Morena Modimo wa hao, a se batlang ho wena ke sefe haese hore o tshabe Morena Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae tsohle, o mo rate, o sebeletse Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle; o boloke melao ya Morena, le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o atlehe?
  • Leleme le ka phedisa,
    hape le ka bolaya,
    ba ratang ho hehla
    ba tla kotula tholwana tsa hona.
  • Ho lehlohonolo setjhaba
    seo Morena e leng Modimo wa sona,
    morabe oo a ikgethetseng wona,
    a ikgethela wona ho ba leruo la hae.
  • Ya shebisisang molao o phethehileng wa tokoloho, ya pheellang ho wona, a sa fetohe moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla fumana lehlohonolo ho seo a se etsang.
  • Ho lehlohonolo ba mahlomoleng,
    hobane ba tla tshediswa.
  • Ho ke ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ya re hlohonolofaditseng ka Kreste ka mahlohonolo wohle a moya, a tswang mahodimong.
  • Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.
  • O hlokomela metsamao
    ya ba lokileng,
    ke thebe ho ba hlokang kodi.
  • Ako bontshe mohlanka wa hao,
    o mmontshe sefahleho,
    sefahleho se kganyang kgotso,
    o mpholose ka mohau wa hao.
  • Ke wena Morena,
    ya hlohonolofatsang ya lokileng,
    o mo sireletsa ka mohau wa hao
    jwalokaha eka ke thebe.
  • Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.
  • Mora wa ka, mamela,
    o amohele polelo tsa ka,
    lemo tsa bophelo ba hao di tle di ate.
  • Ho hopolwa ha mofu ya lokileng
    ho lehlohonolo,
    empa bitso la ya kgopo
    le ke ke la hopolwa.
  • “Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle!”
  • Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.
  • Ho lehlohonolo
    ya tshwaretsweng tlolo ya hae,
    eo sebe sa hae se hlakotsweng.
  • Ha le tsamaya ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloka melao ya ka, le e phetha, ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona, mme masimo a tla ba le tjhai, le difate tsa naha di behe ditholwana tsa tsona.
  • Ebe motho e ne e le eng,
    hoo o ka mo hopolang?
    Ngwana motho e ne e le eng,
    hoo o ka mo hlokomelang?
  • Oho, Morena, ako re pholose!
    Oho, Morena, ako re atlehise!
    Ho bokwe ya tlang
    ka bitso la Morena:
    Re le hlohonolofatsa
    re le ka tlung ya Morena.
  • Ho lehlohonolo
    eo Modimo a mo tshwayang phoso,
    kahoo se nyatse
    ha Ya Matla a o kgalema.
  • Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao jwaloka dinaledi tsa lehodimo, mme dinaha tsena tsohle ke tla di nea ditloholo tsa hao. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao; kaha Aborahama o ile a mmamela, a boloka ditsela tsa ka, le ditaelo tsa ka, le ditemoso tsa ka, le melao ya ka.
  • Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.
  • Hoba Jobo a rapelle metswalle ya hae, Morena a boela a mo atlehisa. Tsohle tseo a neng a ena le tsona Morena a mmuseletsa tsona habedi.
  • Le babelehisi bao Modimo a ba fa bana, kaha ba ne ba tshaba Modimo.
  • Jesu a re: “Kannete ke a le bolella, ha ho motho ya tlohetseng ntlo ya hae, le bana babo, le dikgaitsedi, le mmae, le ntatae, le bana, kapa le masimo ka baka laka le la molaetsa o molemo, eo mehleng ya jwale a ke keng a fuwa halekgolo matlo, le bana babo, le dikgaitsedi, le bommae, le bana, le masimo, hammoho le ditlhoriso, a nto amohela bophelo bo sa feleng mehleng e tlang.”

Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela