2014 Hlakola 28, Labohlane
Meharo e hlabisa motho dihlong;ho molemo ho futsaneha
ho ena le ho bua leshano.
2014 Hlakola 27, Labone
Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.2014 Hlakola 26, Laboraru
Ho lehlohonoloba latelang ditemoso tsa hae,
ba mmatlang
ka pelo tsohle tsa bona.
2014 Hlakola 25, Labobedi
Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete; le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.”2014 Hlakola 24, Mmantaha
E, borapedi ke leruo le leholo ho ya kgotsofaletseng seo a nang le sona.2014 Hlakola 23, Sontaha
Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.2014 Hlakola 22, Moqebelo
Hobane ha motho a le ho Kreste, lebollo kapa boqai hase letho, empa tabataba ke tumelo e sebetsang ka lerato.2014 Hlakola 21, Labohlane
Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.2014 Hlakola 20, Labone
Hobane Kreste ke yena qetello ya Molao, ho lokafatsa mang le mang ya dumelang.2014 Hlakola 19, Laboraru
Ha ke hlajwe ke dihlong ho bolela molaetsa o molemo, hobane wona ke matla a Modimo, a pholosang mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena moditjhaba.2014 Hlakola 18, Labobedi
Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.2014 Hlakola 17, Mmantaha
Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.2014 Hlakola 16, Sontaha
Oho, Modimo, ako nkgauheleka mohau wa hao,
ho ya ka boholo ba lerato la hao
ako hlakole melato ya ka.
Ntlhatswisise bokgopo ba ka,
o ntlhwekise sebe sa ka.
2014 Hlakola 15, Moqebelo
Leme le thabisangke fate sa bophelo,
empa le thetsang
le senya pelo ya motho.
2014 Hlakola 14, Labohlane
Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.2014 Hlakola 13, Labone
Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.2014 Hlakola 12, Laboraru
Ipatleleng Morena le matla a hae,le ipatlele yena le sa kgaotse.
2014 Hlakola 11, Labobedi
Letsatsi le le lengle hlolwang mabaleng a hao,
le molemo ho feta a sekete
a hlolwang hosele.
Ke rata ho ba monyako
wa ntlo ya Modimo wa ka,
ho ena le ho phela
metlotlwaneng ya ba kgopo.
2014 Hlakola 10, Mmantaha
Tsohle tse phelangdi ke di rorise Morena.
Haleluja!
2014 Hlakola 9, Sontaha
Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo.2014 Hlakola 8, Moqebelo
Moo lefufa le dikgang di leng teng, ho na le meferefere le mesebetsi e kgopo.2014 Hlakola 7, Labohlane
Modimo, ke wena Modimo wa ka,Modimo eo ke mmatlang,
moya wa ka o o nyoretswe,
mmele wa ka o o hlolohetswe,
jwaloka naha e omeletseng,
e kgathetseng, e hlokang metsi.
2014 Hlakola 6, Labone
Le se ke la rata lefatshe le tsa lona. Haeba motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ka ho yena.2014 Hlakola 5, Laboraru
Ha e le wena, o bolele tse lokelang thuto ya nnete.2014 Hlakola 4, Labobedi
Jwale, Iseraele, seo Morena Modimo wa hao, a se batlang ho wena ke sefe haese hore o tshabe Morena Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae tsohle, o mo rate, o sebeletse Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle; o boloke melao ya Morena, le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o atlehe?2014 Hlakola 3, Mmantaha
Moya wa ka, o nyahametseng?O hloretseng ka sefubeng sa ka?
Tshepa Modimo.
Ke sa tla nne ke mmoke,
yena mopholosi wa ka
le Modimo wa ka.
2014 Hlakola 2, Sontaha
Ho tshaba Morenaho ruta motho bohlale;
ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.
2014 Hlakola 1, Moqebelo
Ditemoso tsa haoke lefa la ka la mehla yohle,
ke thabo ya pelo ya ka.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...