DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Hlakubele 2014

2014 Hlakubele 31, Mmantaha

Ha ho le jwalo, a re leboheng Modimo ya re neileng ho hlola ka Morena wa rona Jesu Kreste.

2014 Hlakubele 30, Sontaha

Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna leha a ka shwa o tla phela. Mang le mang ya phelang, mme a dumela ho nna, ha a ka ke a shwa le ka mohla o le mong; na o dumela hona na?”

2014 Hlakubele 29, Moqebelo

Lefatshe, mmoho le ditakatso tsa lona, le a fela, empa ya etsang thato ya Ntate o tla phela kamehla yohle.

2014 Hlakubele 28, Labohlane

Jwalokaha re ena le ditho tse ngata mmeleng o le mong, empa ditho tseo tsohle di sa etse mosebetsi o tshwanang, ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong.

2014 Hlakubele 27, Labone

Ho tshaba Morena
ke ho hloya bobe,
ke hloile boikgohomoso,
ke hloile le boikakaso,
boitshwaro bo bobe le leshano
le tsona ke di hloile.

2014 Hlakubele 26, Laboraru

Ya phelang tshireletsong
ya Ya Hodimodimo,
ya ahileng moriting
wa Ya Matla wohle,
o re ho Morena:
“O setshabelo sa ka
le qhobosheane ya ka,
Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”

2014 Hlakubele 25, Labobedi

Le latele Morena Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke melao ya hae, le mamele lentswe la hae, le mo sebeletse, le mo kgomarele.

2014 Hlakubele 24, Mmantaha

Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”

2014 Hlakubele 23, Sontaha

Ka baka lena, Kreste ke mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha. Ka lefu la hae o lefeletse ditshito tseo batho ba neng ba di etse tlasa selekane sa pele, e le hore ba bitsitsweng ke Modimo ba tle ba tsebe ho ja lefa le sa feleng, leo ba le tshepisitsweng.

2014 Hlakubele 22, Moqebelo

Tiisetsang thapelong ka phadimeho le ka teboho.

2014 Hlakubele 21, Labohlane

Morena ke modisa wa ka,
ha ke hloke letho.
o nkatla makgulong a matala,
o nkisa pela metsi
moo ke tla phomola teng.

2014 Hlakubele 20, Labone

Ya nyahameng pelo
eka kgona a hauhelwe, ke metswalle,
leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.

2014 Hlakubele 19, Laboraru

Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.

2014 Hlakubele 18, Labobedi

Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo.’ Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.

2014 Hlakubele 17, Mmantaha

Ka baka leo, jwalokaha sebe se ile sa busa ka lefu, ka mokgwa o jwalo mohau o busa ka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.

2014 Hlakubele 16, Sontaha

Morena, hopola lerato
le mohau wa hao,
hobane esale o le teng
ho tloha kgale.
Nteballe dibe le ditlolo
tsa botjha ba ka,
nkgopole ka mohau wa hao.

2014 Hlakubele 15, Moqebelo

Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.

2014 Hlakubele 14, Labohlane

Seo ke se bolelang ke hore Modimo o ile a boelanya batho bohle ba lefatshe le yena ka Kreste, ka ho ba leballa dibe tsa bona, le ka ho re nea mosebetsi wa ho ba boelanya le yena.

2014 Hlakubele 13, Labone

Rolela morwalo wa hao ho Morena,
mme o tla o jarisa;
a ke ke a tlohella ya lokileng
hore a sisinngwe le ka mohla.

2014 Hlakubele 11, Labobedi

Jwalokaha ba bangata ba entswe baetsadibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla etswa ba lokileng ka ho mamela ha motho a le mong.

2014 Hlakubele 10, Mmantaha

“Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle!”

2014 Hlakubele 9, Sontaha

Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.

2014 Hlakubele 8, Moqebelo

Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.

2014 Hlakubele 7, Labohlane

Sethoto ha se kgutsitse
ho thwe se hlalefile,
se na le kutlwisiso
ha se tshwara leme la sona.

2014 Hlakubele 6, Labone

Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.

2014 Hlakubele 5, Laboraru

Ke mang ya hlolang lefatshe, haese ya dumelang hore Jesu ke Mora wa Modimo?

2014 Hlakubele 4, Labobedi

Polelo tsa ya kgopo
di timetsa mohahabo,
empa ya lokileng
yena o pholoswa ke tsebo.

2014 Hlakubele 3, Mmantaha

O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.

2014 Hlakubele 2, Sontaha

Morena o beile leihlo la hae
ho ba mo tshabang,
bona ba tshepileng mohau wa hae.

2014 Hlakubele 1, Moqebelo

Empa jwale ho lokafatswa ke Modimo ho bonahaditswe e le ho sa itshetleheng ka Molao; hona ho pakwa ke Molao le Baporofeta. Ke ka ho dumela ho Jesu Kreste, Modimo a lokafatsang bohle ba dumelang, ho se kgethollo.