2014 Mmese 30, Laboraru
Ya ratang tjheleteha e ke be e mo lekane,
ya ratang leruo
kamehla o a le halala;
hona le hona e sa le lefeela.
2014 Mmese 29, Labobedi
Jesu a araba, a re ho bona: “Mosebetsi wa Modimo ke hore le dumele ho eo a mo romileng.”2014 Mmese 28, Mmantaha
Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka.2014 Mmese 27, Sontaha
Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.2014 Mmese 26, Moqebelo
Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong o re re rataneng.2014 Mmese 25, Labohlane
Lehloyo le fehla moferefere,athe lerato lona
le iphapanyetsa diphoso tsohle.
2014 Mmese 24, Labone
Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.2014 Mmese 23, Laboraru
Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.2014 Mmese 22, Labobedi
Ha o re maruo hedi!o tla bona a sa nyametse,
hobane a tla fela a mele mapheo,
a fofele hodimo sa ntsu,
sa ntsu e le sepakapakeng.
2014 Mmese 21, Mmantaha
Ha ho le jwalo, ya le abelang Moya, ya etsang diketso tse matla hara lona, na o etsa jwalo kahobane le phetha Molao kapa kahobane le dumetse molaetsa oo le o utlwileng?2014 Mmese 20, Sontaha
Empa yena a re ho bona: “Se makaleng! Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng: O tsohile, ha a yo mona. Bonang sebaka seo a neng a beilwe ho sona ke sena.”2014 Mmese 19, Moqebelo
Makaqabetsing a kaka ipiletsa ho Morena,
ka llela Modimo wa ka
hore a nthuse;
a utlwa lentswe la ka
a le ka tempeleng ya hae,
sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.
2014 Mmese 18, Labohlane
Kahodimo ho hlooho ya hae ba maneha lengolo le bolelang molato wa hae, le reng: enwa ke jesu, kgosi ya bajuda.2014 Mmese 17, Labone
Le be baphethi ba lentswe leo, e seng bautlwi feela, ba ithetsang ka bobona.2014 Mmese 16, Laboraru
Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.2014 Mmese 15, Labobedi
Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.2014 Mmese 14, Mmantaha
Jesu a ba tadima, mme a re: “Hona ho sita batho, e seng Modimo, hobane Modimo ha a sitwe ke letho.”2014 Mmese 13, Sontaha
Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe.2014 Mmese 12, Moqebelo
O se ipone o le bohlale,tshaba Morena, o sesefe bobe.
O tla phela hantle mmeleng,
masapo a hao a tiye.
2014 Mmese 11, Labohlane
Le se ke la ikamahanya le mesebetsi e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse.Tseo ba di etsang sephiring, le ho di bolela ho dihlong.
2014 Mmese 10, Labone
Motho ka mong a ikokobeletse borena bo mo okametseng, hobane ha ho borena haese bo tswang ho Modimo, mme bo leng teng bo beilwe ke Modimo.2014 Mmese 9, Laboraru
Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.2014 Mmese 8, Labobedi
Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.2014 Mmese 7, Mmantaha
Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong.2014 Mmese 6, Sontaha
Ha ho le jwalo, ha o etsetsa mafutsana thuso, o se ke wa ipolela, jwalokaha baikaketsi ba etsa matlung a thapelo le ditseleng tsa motse, hore ba tlotliswe ke batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.2014 Mmese 5, Moqebelo
Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.2014 Mmese 4, Labohlane
Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.2014 Mmese 3, Labone
Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho. Tsebang hore Morena o tla le putsa ka ho le etsa majalefa a hae. Morena eo le mo sebeletsang ke Kreste.2014 Mmese 1, Labobedi
Sethoto se nyedisathuto ya ntata sona,
athe ya ratang kgalemo
yena o a hlalefa.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ka baka la lerato la Morena,rato le sa feleng,
ha re a ka ra ba ra timela,
mehauhelo ya hae
ha e eso ka e kgaotsa;
hoseng ho hong le ho hong
e a ntjhafala,
botshepehi ba hae
bo boholo haholo!Temana ya go latela!