2017 Pundungwane 30, Labone
Ke Morena ya fanang ka bohlale,tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.
2017 Pundungwane 29, Laboraru
Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.2017 Pundungwane 28, Labobedi
Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.2017 Pundungwane 27, Mmantaha
Mora wa ka, mamela,o amohele polelo tsa ka,
lemo tsa bophelo ba hao di tle di ate.
2017 Pundungwane 26, Sontaha
Hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.2017 Pundungwane 25, Moqebelo
Ke di fa bophelo bo sa feleng, mme ha di ka ke tsa timela le ka mohla. Ha ho ya tla di hlwibila matsohong a ka. Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle, mme ha ho ya ka tsebang ho di hlwibila matsohong a Ntate. Rona le Ntate re ntho e le nngwe.2017 Pundungwane 24, Labohlane
O se ka itja matla hore o ithuise;eba le bohlale ba ho itshwara.
2017 Pundungwane 23, Labone
Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.2017 Pundungwane 22, Laboraru
Jwalokaha mahloko a Kreste a re aparetse, ka mokgwa o jwalo le wona matshediso a re ngatafaletse ka Kreste.2017 Pundungwane 21, Labobedi
Ke rorisa Modimo,hobane ke a mo tshepa,
ke tshepa Modimo,
nke ke ka tshaba letho;
motho yena a ka nketsang?
2017 Pundungwane 20, Mmantaha
Ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato.2017 Pundungwane 19, Sontaha
‘Le se ke la etsisa baholoholo ba lona, bao baporofeta ba mehleng ya pele ba neng ba ba bolelle, ba re: Morena wa mabotho o bua tjena: Tlohelang metsamao ya lona e kgopo le diketso tsa lona tse kgopo hle, empa ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho nkutlwa,’ ho rialo Morena.2017 Pundungwane 18, Moqebelo
Motswalle o na le lerato kamehla,ngwanabo motho
o tswaletswe ho thusa,
ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi.
2017 Pundungwane 17, Labohlane
Ka baka leo, tsebang he, bana beso, hore ka Jesu le phatlalletswa tshwarelo ya dibe. Le dinthong tsohle tseo le neng le sitwa ho fumanwa le se molato ho tsona ka Molao wa Moshe,mang le mang ya dumelang ho Jesu o fumanwa a se molato ho tsona.
2017 Pundungwane 16, Labone
Jwale Petrose a tla ho yena, a re: “Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa ke tla mo tshwarela hakae? Hasupa na?” Jesu a re ho yena: “Ke re ho wena e seng hasupa, empa ha mashome a supileng hasupa.”2017 Pundungwane 15, Laboraru
Wena o lefika la kale qhobosheane ya ka;
ntsamaise, o ntataise
ka baka la lebitso la hao.
2017 Pundungwane 14, Labobedi
Morena o a futsanehisa,o bile o a ruisa,
o a kokobetsa,
o bile o a phahamisa.
2017 Pundungwane 13, Mmantaha
Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.2017 Pundungwane 12, Sontaha
Ba se nang moneketsela,Modimo o ba fa bodulo,
o boela o busetsa
batshwaruwa boiketlong,
athe bahanyetsi
ba sala mahalaopeng.
2017 Pundungwane 11, Moqebelo
Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.2017 Pundungwane 10, Labohlane
Ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo nyatse le le inotshi. Haeba a o mamela, e tla ba o hapile pelo ya hae.2017 Pundungwane 9, Labone
Latswang, le utlwemolemo wa Morena!
Ho lehlohonolo motho
ya tshabelang ho yena.
2017 Pundungwane 8, Laboraru
Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.2017 Pundungwane 7, Labobedi
Ha motho a ena le maruo a lefatshe lena, mme a bona ngwanabo a hloka, empa a mo thatafaletsa pelo ya hae, lerato la Modimo le ka ba teng jwang pelong ya hae?2017 Pundungwane 6, Mmantaha
Morena o haufile bohle ba mo rapelang,
ba mo rapelang kannete.
2017 Pundungwane 5, Sontaha
Empa ha ya kgopo a furalla dibe tsa hae tsohle, tseo a di entseng, mme a boloka melao ya ka yohle, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, ruri o tla phela, a ke ke a shwa.2017 Pundungwane 4, Moqebelo
Morena a ke a eketse, mme a totise lerato la lona, hore le ratane, mme le rate batho bohle, jwalokaha le rona re le rata.2017 Pundungwane 3, Labohlane
Bophelo ba mothobo ka lopollwa ka maruo a hae,
mofumanehi yena
ha a ke a sokelwa ke motho.
2017 Pundungwane 2, Labone
E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.2017 Pundungwane 1, Laboraru
Kajeno ke le laetse hore le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, e le hore le tle le phele, mme le ate. Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa naheng eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ya thahasellang ho loka le leratoo tla fumana bophelo
le toka le tlotla.Temana ya go latela!