2018 Hlakola 28, Laboraru
Yaba Paulosi o re: “Johanne o ile a kolobetsa ka kolobetsa ya pako, a ntse a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamorao ho yena, e leng ho Jesu.”2018 Hlakola 27, Labobedi
Qamaka ka hlokomoo o hatang teng,
tsela tsohle tsa hao di tle di tsitse.
2018 Hlakola 26, Mmantaha
Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?2018 Hlakola 25, Sontaha
Jesu a re ho yena: “Na ha ke a o bolella hore, ha o dumela, o tla bona tlotla ya Modimo?”2018 Hlakola 24, Moqebelo
Ho lehlohonolo motho ya mosa,motho ya adimanang,
ya sebetsang ditaba tsa hae ka toka.
2018 Hlakola 23, Labohlane
Bana ba ka, itlhokomeleng medimong ya bohata.2018 Hlakola 22, Labone
Ke tla le nea pelo e ntjha le moya o motjha, ke fedise pelo tse thata sa lejwe tse ka ho lona, ke le nee pelo tse ikokobeditseng.2018 Hlakola 21, Laboraru
Sejosenyane se molemoha o tshaba Morena,
ho ena le maruo
a o bakelang ditsietsi.
2018 Hlakola 20, Labobedi
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang.2018 Hlakola 19, Mmantaha
Ke tla di hlohonolofatsa, ke hlohonolofatse le dibaka tse potapotileng leralla la ka. Ke tla nesa dipula ka nako ya tsona, e be dipula tsa mahlohonolo.2018 Hlakola 18, Sontaha
Ke re ho Morena:“Ke wena Morena wa ka,
ha ke na lehlohonolo
ntle ho wena.”
2018 Hlakola 17, Moqebelo
Pelo tsa lona di se ferekane. Dumelang ho Modimo; le ho nna le dumele.2018 Hlakola 16, Labohlane
Ke tla kopa Ntate, mme o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lona ka ho sa feleng.2018 Hlakola 15, Labone
Ya fanang haholoo tla fumana katleho,
ya fanang ka metsi
le yena o tla a fuwa.
2018 Hlakola 14, Laboraru
Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka mmele wa ka hore o tjheswe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse letho.2018 Hlakola 13, Labobedi
Fa e mong le e mong ya o kopang, mme ya nkang tsa hao, o se ke wa re a di kgutlise.2018 Hlakola 12, Mmantaha
Morena Modimo ke yenaya mmatlafatsang,
ya potlakisang maoto a ka
jwaloka a dikgama,
ya ntsamaisang hodima dihlaba.
2018 Hlakola 11, Sontaha
Molaetsa ona o senola kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng; feela ho hlokahala tumelo ho tloha qalong ho isa qetellong, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ya lokileng o tla phela ka tumelo.”2018 Hlakola 10, Moqebelo
O se ke wa bolaya; o se ke wa feba; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.2018 Hlakola 9, Labohlane
Se kgelohele ka ho le letonakapa ka ho le letshehadi,
mehato ya hao
e o phemise bokgopo.
2018 Hlakola 8, Labone
Ya sitsang mojadi ka peo, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peo, a be a e ngatafatse, mme a le atisetse ditholwana tsa ho loka ha lona.2018 Hlakola 7, Laboraru
Fodisang bakudi, tsosang bafu, hlwekisang balepera, lelekang bademona; le amohetse feela, fanang feela.2018 Hlakola 6, Labobedi
Tshepo e sa phethahalenge nyahamisa pelo,
takatso tse phethahatswang
di ka fate sa bophelo.
2018 Hlakola 5, Mmantaha
Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato.2018 Hlakola 4, Sontaha
Ha motho a le molato wa e nngwe ya dintho tsena, o tla ipolela sebe sa hae.2018 Hlakola 3, Moqebelo
Kahoo fedisa matshwenyehoa pelo ya hao,
o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao,
hoba bongwana le botjha
ke mafeelafeelane.
2018 Hlakola 2, Labohlane
Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.2018 Hlakola 1, Labone
Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...