A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.
Petrose a re ho bona: “Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste, le tle le tshwarelwe dibe tsa lona, mme le tla amohela mpho ya Moya o Halalelang.”
Ho feta mona, re motlotlo le hara matshwenyeho, ka ho tseba hore matshwenyeho a hlahisa mamello, mamello ke bopaki ba hore re amohelehile, ho amoheleha hoo ho hlahisa tshepo.
Se furalle motswalle wa hao kapa wa ntatao, ha o le bothateng, se itlwaetse ho ya ha ngwaneno; motswalle ya haufi o na le thuso, ho feta ngwaneno ya hole.
Fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.
Ke hlolohetswe ho le bona, hore ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le matlafatswe. Hona ke ho re, ha ke le ho lona, re kgothatsane ka tumelo ya rona bohle, nna ka tumelo ya lona, le lona ka ya ka.
Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale.