2018 Phata 31, Labohlane
Petrose a bua, a re: “Kannete ke a hlokomela hore Modimo ha a ye ka tshobotsi, empa, ditjhabeng tsohle, ya mo tshabang, ya etsang toka, o a amoheleha ho yena.”2018 Phata 30, Labone
Ho se be ya ithetsang. Ha e mong hara lona a ikgopola hore o na le bohlale ba lefatshe lena, a ke a fetohe sethoto, e le hore a tle a hlalefe.2018 Phata 29, Laboraru
Ya ratang tjheleteha e ke be e mo lekane,
ya ratang leruo
kamehla o a le halala;
hona le hona e sa le lefeela.
2018 Phata 28, Labobedi
Bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo ke bana ba Modimo.2018 Phata 27, Mmantaha
Ha ba utlwa hona, ba kolobetswa ka lebitso la Jesu. Ha Paulosi a ba bea matsoho, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona, ba bua dipuopuo, mme ba porofeta.2018 Phata 26, Sontaha
Etsa hore ke tsebe mohau wa hao,ke o tsebe e sa le hoseng,
hobane ke o tshepile;
mpontshe tsela
eo nka tsamayang ka yona,
hobane ke o rapela
ka moya wa ka wohle.
2018 Phata 25, Moqebelo
Modimo wa ka o tla le sitsa ka tsohle tseo le di hlokang, ho ya ka bongata ba maruo a hae, ka Kreste Jesu.2018 Phata 24, Labohlane
Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.2018 Phata 23, Labone
Ya ratang ho lauwa o rata tsebo,ya hloileng ho kgalengwa
ke phoofolo ya naha.
2018 Phata 22, Laboraru
Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.2018 Phata 21, Labobedi
Ha ho le jwalo, a re leboheng Modimo ya re neileng ho hlola ka Morena wa rona Jesu Kreste.2018 Phata 20, Mmantaha
Ya sedi o elellwa kotsi,a batle setshabelo,
empa ya se nang tsebo
o tlatselaka feela,
a wele kotsing.
2018 Phata 19, Sontaha
Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete; le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.”2018 Phata 18, Moqebelo
Jwale? Na re tla etsa sebe, kahobane re se tlasa Molao, re mpa re le tlasa mohau? Le kgale!2018 Phata 17, Labohlane
Ruri Morena o tla ntswela molemo,a ntswele molemo
lefatsheng la ba phelang.
2018 Phata 16, Labone
Hobane le Mora Motho ha a a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.2018 Phata 15, Laboraru
Ha ho ka etsahala, bolokang kgotso le batho bohle, ho ya kamoo le ka kgonang kateng.2018 Phata 14, Labobedi
Boikakaso bo etella timelo pele,boikokobetso bona
bo tla pele ho tlotla.
2018 Phata 13, Mmantaha
Kopang, le tla fuwa; batlang, le tla fumana; kokotang, le tla bulelwa.2018 Phata 12, Sontaha
Ba eisehang le ba nyedisehang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile: o kgethile tseo e seng letho ho fedisa tse leng teng, e le hore ho se be mang kapa mang ya ka ithorisang pela Modimo.2018 Phata 11, Moqebelo
Bokang Morena,le rapele lebitso la hae,
le tumise diketso tsa hae,
le di tumise hara ditjhaba.
2018 Phata 10, Labohlane
Ke tla matlafatsa ba ntlo ya Juda,ba ntlo ya Josefa ke ba pholose.
Ke tla ba kgutlisetsa ha habo bona,
hobane ke ba utlwela bohloko.
Ba tla ka bao ke ne ke eso ba lahle,
hobane nna ke Morena,
Morena Modimo wa bona,
ke tla amohela thapelo tsa bona.
2018 Phata 9, Labone
Haeba leihlo la hao le letona le o dihela sebeng, le honye, o le lahle, hobane ho molemo ho wena ha ho ka timela setho se le seng sa hao, ho ena le hore mmele wohle wa hao o lahlelwe diheleng.2018 Phata 8, Laboraru
Lehloyo le fehla moferefere,athe lerato lona
le iphapanyetsa diphoso tsohle.
2018 Phata 7, Labobedi
Hoba ke nna Morena,Morena Modimo wa hao,
ya utlang tsoho la hao le letona,
ya reng: ‘Se tshabe,
nna ke tla o thusa.’
2018 Phata 6, Mmantaha
Jesu a mo araba, a re: “Ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata, re tla tla ho yena, mme re dule ka ho yena.”2018 Phata 5, Sontaha
Nka ya kaeho ipatela moya wa hao?
Nka balehela kae
ho ipatela sefahleho sa hao?
Ha nka nyolohela mahodimong,
o teng moo;
leha nka theohela Nqalong ya Bafu,
le teng o teng.
2018 Phata 4, Moqebelo
Ha ho le jwalo, bolayang ditakatso tsa lona tsa lefatshe, e leng bohlola, tse ditshila, ditakatso tse mpe, tsa bokgopo, le meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata.2018 Phata 3, Labohlane
Hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.2018 Phata 2, Labone
Morena ke modisa wa ka,ha ke hloke letho.
o nkatla makgulong a matala,
o nkisa pela metsi
moo ke tla phomola teng.
2018 Phata 1, Laboraru
Morena a le hlohonolofatse,a le baballe.
Morena a le bontshe
sefahleho sa hae se kganyang kgotso,
a le hauhele.
Morena a le tadime ka lerato,
a le nee kgotso.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...