2018 Phupu 31, Labobedi
Hlaphohelwang, mme le se ke la nna la etsa sebe. Ba bang ha ba tsebe Modimo; ke rialo hore le hlajwe ke dihlong.2018 Phupu 30, Mmantaha
Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona,empa ya bohlale yena o a e bipa.
2018 Phupu 29, Sontaha
Etsa ka matla ho ba ya amohelehang ho Modimo, mosebeletsi ya ke keng a hlajwa ke dihlong, ya rutang lentswe la nnete ka ho otloloha.2018 Phupu 28, Moqebelo
Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.2018 Phupu 27, Labohlane
Makaqabetsing a kaka ipiletsa ho Morena,
ka llela Modimo wa ka
hore a nthuse;
a utlwa lentswe la ka
a le ka tempeleng ya hae,
sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.
2018 Phupu 26, Labone
Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.2018 Phupu 25, Laboraru
Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.2018 Phupu 24, Labobedi
Meharo e hlabisa motho dihlong;ho molemo ho futsaneha
ho ena le ho bua leshano.
2018 Phupu 23, Mmantaha
Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.2018 Phupu 22, Sontaha
Ke Modimo ofeya tshwanang le wena?
Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo
tsa masalla a setjhaba sa hae?
Wena o Modimo
ya sa halefeleng ruri,
wena o Modimo
ya thabelang ho hauhela.
2018 Phupu 21, Moqebelo
Mpho e betlela mofani tsela,e mmee kapele ho mahosi a hae.
2018 Phupu 20, Labohlane
Le se ke la ithetsa.“Ditlwaelano tse mpe
di senya mekgwa e metle.”
2018 Phupu 19, Labone
Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.2018 Phupu 18, Laboraru
Mohlankana a ka hlwekisametsamao ya hae jwang?
Ka ho hahela lentswe la hao lesaka.
2018 Phupu 17, Labobedi
Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.2018 Phupu 16, Mmantaha
Na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?2018 Phupu 15, Sontaha
Ya nang le mamelloo molemo ho feta ya dikgoka,
ya itshwarang ha a halefile
o feta ya hapang motse.
2018 Phupu 14, Moqebelo
Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong.2018 Phupu 13, Labohlane
Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona?2018 Phupu 12, Labone
Lentswe le eso be teng lemeng la ka,o se o le tseba hantle, Morena.
2018 Phupu 10, Labobedi
Haeba o mamela lentswe la Morena Modimo wa hao ka hloko, o hlokomela ho phetha melao yohle ya hae, eo ke o laelang yona kajeno, Morena Modimo wa hao o tla o phahamisa ho feta ditjhaba tsohle tsa lefatshe.2018 Phupu 9, Mmantaha
Morena, mohau wa haoo ke o be le rona,
hobane re tshepile wena.
2018 Phupu 8, Sontaha
Ho lehlohonoloba lapetseng ho loka,
ba ho nyoretsweng,
hobane ba tla kgotsofatswa.
2018 Phupu 7, Moqebelo
Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.2018 Phupu 6, Labohlane
Yaba ke bona hore ho molemo, ho bile ho lokile hore ka matsatsi a seng makae a bophelo, ao Modimo a mo neileng wona, motho a je, a nwe, a ithabise ka tsohle tsa mosebetsi wa matsoho a hae mona lefatsheng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae.2018 Phupu 5, Labone
Yena eo le mo ratang le hoja le sa ka la mmona, mme le hona jwale le dumelang ho yena le hoja le eso mmone. Jwale le nyakaletse ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tlotlehang, hobane le tla amohela moputso wa tumelo ya lona, e leng pholoho ya lona.2018 Phupu 4, Laboraru
Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”2018 Phupu 3, Labobedi
Binelang Modimo,rokang lebitso la hae,
lokisang tsela ya ya kaletseng maru.
Lebitso la hae ke Morena,
nyakallang mahlong a hae.
Modimo ke ntata dikgutsana,
ke mosireletsi wa bahlolohadi,
o leahong la hae le halalelang.
2018 Phupu 2, Mmantaha
Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata.2018 Phupu 1, Sontaha
Ka tsatsi le leng le le leng ha ba a ka ba phetsa ho ruta le ho kgothatsa ka Jesu Kreste, ka Tempeleng, le ka malapeng ka bonngwe.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,thapo e kgwele di tharo
e dieha ho kgaoha.Temana ya go latela!