2018 Phupjane 30, Moqebelo
Ha e mong a ewa,e mong o a mo tsosa;
ho madimabe ya wang
ho se na mothusi!
2018 Phupjane 29, Labohlane
Jwale re a tseba hore ba ratang Modimo, ba bitsitsweng ka morero wa hae, tsohle di ba tlisetsa molemo.2018 Phupjane 28, Labone
Bokang Morena, hobane o molemo,mohau wa hae
ke wa kamehla yohle.
2018 Phupjane 27, Laboraru
Dikgang di hlahiswa ke boikakaso,bohlale bo fumanwa
ho ba mamelang dikeletso.
2018 Phupjane 26, Labobedi
Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka.2018 Phupjane 25, Mmantaha
Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!2018 Phupjane 24, Sontaha
Ke ho Modimo feelamoo moya wa ka o ka phomolang,
pholoho ya ka e tswa ho yena.
2018 Phupjane 23, Moqebelo
Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.2018 Phupjane 22, Labohlane
Rona Modimo o re senoletse tsona ka Moya wa hae, hobane Moya o Halalelang o fuputsa tsohle, esita le tse tebileng tsa Modimo.2018 Phupjane 21, Labone
Morena, o ntlhahlobile, o a ntseba.O tseba ha ke dula le ha ke ema,
o hlalohanya mehopolo ya ka,
o e hlalohanya ke sa le hole.
2018 Phupjane 20, Laboraru
Le latele Morena Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke melao ya hae, le mamele lentswe la hae, le mo sebeletse, le mo kgomarele.2018 Phupjane 19, Labobedi
Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.2018 Phupjane 18, Mmantaha
Dintho tsohledi beetswe dinako tsa tsona,
nako tsa ho etsa tsohle
mona lefatsheng.
2018 Phupjane 17, Sontaha
Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.”2018 Phupjane 16, Moqebelo
Ana ke mang ya tsebang tse ka pelong ya motho, haese moya wa motho o ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ha ho le ya mong ya tsebang tsa Modimo, haese Moya wa Modimo feela.2018 Phupjane 15, Labohlane
Empa wena Morena,o thebe e ntshireletsang,
o mpha seriti, o ntsosa molota.
2018 Phupjane 14, Labone
Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.2018 Phupjane 13, Laboraru
Bana beso, hlokomelang, esere mohlomong e mong wa lona a ba le pelo e mpe, e hanang ho dumela, e mo arohanyang le Modimo ya phelang.2018 Phupjane 12, Labobedi
Hoseng o utlwa sello sa ka;hoseng ke lokisa sehlabelo,
mme ke lebella karabelo ya hao.
2018 Phupjane 11, Mmantaha
Ha ho le jwalo, ha o etsetsa mafutsana thuso, o se ke wa ipolela, jwalokaha baikaketsi ba etsa matlung a thapelo le ditseleng tsa motse, hore ba tlotliswe ke batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.2018 Phupjane 10, Sontaha
Jwale wena ngwanaka, o matlafale ka mohau wa Kreste Jesu.2018 Phupjane 9, Moqebelo
Ho lehlohonoloba latelang ditemoso tsa hae,
ba mmatlang
ka pelo tsohle tsa bona.
2018 Phupjane 8, Labohlane
Ke mathela pakaneng ho hapa moputso wa pitso ya Modimo, e tswang hodimo, ka Kreste Jesu.2018 Phupjane 7, Labone
Motswalle, ke rapela hore o phele hantle, mme o atlehe dinthong tsohle, jwalokaha o atlehile ho tsa moya.2018 Phupjane 6, Laboraru
Ha ke ne ke sa kgutsitse,ke ne ke opelwa ke masapo
ke ho dumaela letsatsi lohle.
2018 Phupjane 5, Labobedi
Jesu a boela a bua le bona, a re: “Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang ha a ka ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.”2018 Phupjane 4, Mmantaha
Le be baphethi ba lentswe leo, e seng bautlwi feela, ba ithetsang ka bobona.2018 Phupjane 3, Sontaha
Rolela morwalo wa hao ho Morena,mme o tla o jarisa;
a ke ke a tlohella ya lokileng
hore a sisinngwe le ka mohla.
2018 Phupjane 2, Moqebelo
Pelo tsa lona di ke di swabe,ho ena le ho hahola
diaparo tsa lona.
Kgutlelang ho Morena,
Morena Modimo wa lona,
hobane o mosa, o mohau,
o dieha ho halefa,
o tletse lerato,
o hauhela ba etsang bokgopo.
2018 Phupjane 1, Labohlane
Jesu a ba tadima, mme a re: “Hona ho sita batho, e seng Modimo, hobane Modimo ha a sitwe ke letho.”Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Leha mmele wa kale pelo ya ka di ka fela,
Modimo ke lefika la ka
le kabelo ya ka kamehla.Temana ya go latela!