2018 Motsheanong 31, Labone
Ho lehlohonoloya tshwaretsweng tlolo ya hae,
eo sebe sa hae se hlakotsweng.
2018 Motsheanong 30, Laboraru
Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.2018 Motsheanong 29, Labobedi
Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.2018 Motsheanong 28, Mmantaha
Motsheare Morena o tla ntshitsa,a ntshitse ka mohau wa hae;
bosiu ke tla mminela,
ke rapele Modimo ya mphedisang.
2018 Motsheanong 27, Sontaha
Lefatshe, mmoho le ditakatso tsa lona, le a fela, empa ya etsang thato ya Ntate o tla phela kamehla yohle.2018 Motsheanong 26, Moqebelo
Ya bonang se ka dipelong, o tseba sepheo sa Moya, hobane Moya o rapella badumedi ho ya ka thato ya Modimo.2018 Motsheanong 25, Labohlane
Ke o batla ka pelo ya ka yohle;se ntumelle ho kgeloha,
ho kgeloha melao ya hao.
2018 Motsheanong 24, Labone
Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho. Tsebang hore Morena o tla le putsa ka ho le etsa majalefa a hae. Morena eo le mo sebeletsang ke Kreste.2018 Motsheanong 23, Laboraru
Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong.2018 Motsheanong 22, Labobedi
Leredi ke thetsane,botle ke lefeelafeelane;
mosadi ya tshabang Modimo
ke yena ya tla roriswa.
2018 Motsheanong 21, Mmantaha
Seo re tsebang ka sona hore re phela ka ho yena, le yena o phela ka ho rona, ke sena: o re neile Moya wa hae.2018 Motsheanong 20, Sontaha
Ha ba qetile ho rapela, sebaka seo ba neng ba kopanetse ho sona sa reketla, mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.2018 Motsheanong 19, Moqebelo
Ya phelang tshireletsongya Ya Hodimodimo,
ya ahileng moriting
wa Ya Matla wohle,
o re ho Morena:
“O setshabelo sa ka
le qhobosheane ya ka,
Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”
2018 Motsheanong 18, Labohlane
Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.2018 Motsheanong 17, Labone
Jwalokaha re ena le ditho tse ngata mmeleng o le mong, empa ditho tseo tsohle di sa etse mosebetsi o tshwanang, ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong.2018 Motsheanong 16, Laboraru
Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.2018 Motsheanong 15, Labobedi
Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna leha a ka shwa o tla phela. Mang le mang ya phelang, mme a dumela ho nna, ha a ka ke a shwa le ka mohla o le mong; na o dumela hona na?”2018 Motsheanong 14, Mmantaha
Se ahloleng ba bang, mme ha le ka ke la ahlolwa; le se tswe ba bang, mme ha le ka ke la tsuwa. Tshwarelang, mme le tla tshwarelwa.2018 Motsheanong 13, Sontaha
Moya wa ka, o nyahametseng?O hloretseng ka sefubeng sa ka?
Tshepa Modimo.
Ke sa tla nne ke mmoke,
yena mopholosi wa ka
le Modimo wa ka.
2018 Motsheanong 12, Moqebelo
Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe.2018 Motsheanong 11, Labohlane
Maruo a bolotsana a tla fela hang,a kolletswang kahanyane
wona a a eketseha.
2018 Motsheanong 10, Labone
Jwale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ya le bona ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyollelwa lehodimong.2018 Motsheanong 9, Laboraru
A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”2018 Motsheanong 8, Labobedi
Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao.2018 Motsheanong 7, Mmantaha
Ke ile ka batla Morena,mme a nkaraba,
a ntopolla matswalong wohle a ka.
2018 Motsheanong 6, Sontaha
Eyang, le ithute hore na ke ho reng ha ho thwe: ‘Ke thabela mohau, e seng sehlabelo.’ Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.2018 Motsheanong 5, Moqebelo
Re fetohile ba nang le kabelo le Kreste ho tsa hae, ha feela re tiisetsa, ho isa qetellong, tshepong e tiileng eo re bileng le yona qalong.2018 Motsheanong 4, Labohlane
O fodisa ba pelo di hlabehileng,o tlamella maqeba a bona.
2018 Motsheanong 3, Labone
Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.2018 Motsheanong 2, Laboraru
Tiisetsang thapelong ka phadimeho le ka teboho.2018 Motsheanong 1, Labobedi
Ba babedi ba feta ya mong,moputso wa bona o a hlamatseha.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...