2018 Mmese 30, Mmantaha
A re ho yena: “ ‘Rata Morena Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka maikutlo a hao wohle.’ ”2018 Mmese 29, Sontaha
Moya wa Morena Modimoo hodima ka,
hobane o ntlotseditse
ho bolella mafutsana,
molaetsa o molemo.
O nthometse ho thoba pelo
tsa ba swabileng,
ho phatlalletsa bathopuwa
tsa tokoloho,
le hore ba tjhankaneng
ba tla lokollwa.
2018 Mmese 28, Moqebelo
Ya sa rateng dikeletsomerero ya hae e a nyopa,
ya eletswang ke ba bangata
yena o a atleha.
2018 Mmese 26, Labone
Empa ya tla tiisetsa ho fihlela qetellong, yena o tla pholoswa.2018 Mmese 25, Laboraru
Boka Morena, wena moya wa ka;botho bohle ba ka
bo boke bitso la hae le halalelang.
2018 Mmese 24, Labobedi
O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.2018 Mmese 23, Mmantaha
Efela bohle ba ratang ho phela ho Kreste Jesu ka borapedi, ba tla hloriswa.2018 Mmese 22, Sontaha
Boikakaso bo etella dihlong pele,boikokobetso bona
bo tsamaya le bohlale.
2018 Mmese 21, Moqebelo
Ba ileng ba dumela molaetsa wa hae, ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo badumedi ba eketseha ka ba ka bang dikete tse tharo.2018 Mmese 20, Labohlane
Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.2018 Mmese 19, Labone
Hape ke mpho ya Modimo ho motho ka mong eo Modimo a mo fileng leruo le matlotlo le matla hore a ithabise ka wona, mme o lokela ho amohela kabelo eo ya hae, a ithabise ka tsa mosebetsi wa matsoho a hae.2018 Mmese 18, Laboraru
Ipatleleng Morena le matla a hae,le ipatlele yena le sa kgaotse.
2018 Mmese 17, Labobedi
Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.2018 Mmese 16, Mmantaha
Oho, Modimo, ako nkgauheleka mohau wa hao,
ho ya ka boholo ba lerato la hao
ako hlakole melato ya ka.
Ntlhatswisise bokgopo ba ka,
o ntlhwekise sebe sa ka.
2018 Mmese 15, Sontaha
Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.2018 Mmese 14, Moqebelo
Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.2018 Mmese 13, Labohlane
Polelo tsohle tsa Modimoke tsa nnete.
Ke thebe ho bohle ba mo tshepang.
2018 Mmese 12, Labone
Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.2018 Mmese 11, Laboraru
Modimo a ke a edise mahlo a lona a moya, le tle le tsebe seo pitso ya hae e le tshepisang sona, seo boholo ba tlotla bo leng sona, e leng tlotla eo le tla e ja lefa mmoho le bahalaledi.2018 Mmese 10, Labobedi
Tsohle tse phelangdi ke di rorise Morena.
Haleluja!
2018 Mmese 9, Mmantaha
Morena a ke a sokollele dipelo tsa lona leratong la Modimo le tiisetsong e kang ya Kreste.2018 Mmese 8, Sontaha
Filipi a re ho yena: “Morena, re bontshe Ntate, e be ho re lekane.”2018 Mmese 7, Moqebelo
O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.2018 Mmese 6, Labohlane
Ka baka leo, ke re ho lona: Tsohle tseo le di kopang ka thapelo, dumelang hore le se le di amohetse, mme le tla di etsetswa.2018 Mmese 5, Labone
Mokgabo wa lona e se ke ya eba o bonwang, jwaloka meriri e lohilweng, mekgabiso ya kgauta le diaparo tse ntlehadi. Mokgabo wa lona o sa senyeheng o tswe botebong ba dipelo tsa lona, e leng moya wa mosa le kgutso, oo e leng ntho ya bohlokwa ho Modimo.2018 Mmese 4, Laboraru
Modimo, ke wena Modimo wa ka,Modimo eo ke mmatlang,
moya wa ka o o nyoretswe,
mmele wa ka o o hlolohetswe,
jwaloka naha e omeletseng,
e kgathetseng, e hlokang metsi.
2018 Mmese 3, Labobedi
Empa ha re tshepile ho fumana seo re esong ho be le sona, re se lebella ka mamello.2018 Mmese 2, Mmantaha
Ke tla le nea Moya wa ka, ke etse hore le tsamaye ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le e phethe.2018 Mmese 1, Sontaha
Yaba morutuwa eo e mong ya fihlileng pele lebitleng, le yena o a kena, a bona, mme a dumela, hobane ba ne ba eso utlwisise Mangolo a reng eka kgona a tsohe bafung.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...