2018 Mphalane 31, Laboraru
Tshepe e leotswaka tshepe e nngwe,
monna o tentshwa tshea
ke banna ba bang.
2018 Mphalane 30, Labobedi
Na hara lona ho teng ya kulang? A ke a bitse baholo ba kereke, hore ba tle ba mo tlotse ka ole ba ntse ba mo rapella ka lebitso la Morena. Thapelo e etswang ka tumelo e tla fodisa mobabi, mme o tla tsoswa diphateng ke Morena. Ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.2018 Mphalane 29, Mmantaha
Le boloke melao ya ka, le e phethe. Ke nna Morena.2018 Mphalane 28, Sontaha
Tshepa Morena, o etse botle,o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso.
2018 Mphalane 27, Moqebelo
Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.2018 Mphalane 26, Labohlane
A re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.”2018 Mphalane 25, Labone
Se qeta letsatsi se lakatsa,se sa fumane,
empa ya lokileng
o fana a sa kganane.
2018 Mphalane 24, Laboraru
Ya bobedi ke ena: ‘Rata mohaeno jwalokaha o ithata.’ Ha ho taelo e nngwe e kgolo ho feta tsena.2018 Mphalane 23, Labobedi
Le se ke la eketsa letho ho tseo ke le laelang tsona, kapa la fokotsa letho ho tsona, e le hore le tle le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona.2018 Mphalane 22, Mmantaha
Ditemoso tsa haoke lefa la ka la mehla yohle,
ke thabo ya pelo ya ka.
2018 Mphalane 21, Sontaha
Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae.2018 Mphalane 20, Moqebelo
Mohau wa Morena Jesu Kreste o ke o be le lona.2018 Mphalane 19, Labohlane
Ya tshwarang leme la haeo baballa bophelo ba hae,
ya phasolohang feela
yena o tla timela.
2018 Mphalane 18, Labone
Ngwanabo rona ya eisehang a be motlotlo ha a phahamisetswa bodumeding. Ya ruileng le yena a be motlotlo ha a eiswa ka ho ba modumedi, hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang.2018 Mphalane 17, Laboraru
Mme ya sa nkeng sefapano sa hae a ntatela ha a ntokele.2018 Mphalane 16, Labobedi
Moratuwa,botle ba hao bo phethehile,
botle ba hao bo hloka sekodi.
2018 Mphalane 15, Mmantaha
Ke Morena ya tla o etella pele. O tla ba le wena; a ke ke a o lahla kapa a o furalla. O se ke wa tshaba kapa wa tsieleha.2018 Mphalane 14, Sontaha
Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’2018 Mphalane 13, Moqebelo
Empa nna Modimo o a nthusa,Morena ke mmaballi e moholo,
ke mmaballi wa bophelo ba ka.
2018 Mphalane 12, Labohlane
Ke kopa Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate ya tlotlehang, hore a ke a le fe moya wa bohlale o le senolelang yena, le tle le mo tsebe.2018 Mphalane 11, Labone
O matlafatsa ba tepeletseng,ba kgathetseng
o ba tsosa molota.
2018 Mphalane 10, Laboraru
Ke ikgethetse tsela ya nnete,dikahlolo tsa hao ke di hlokometse.
2018 Mphalane 9, Labobedi
Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?2018 Mphalane 8, Mmantaha
Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna mona, thabeng, mme o dule teng. Ke tla o nea matlapa a lejwe, a ngotsweng Molao, le ditaelo tseo ke di ngotseng, ho ruta Baiseraele.”2018 Mphalane 7, Sontaha
Ya elang ditaelo hloko o a atleha,ya tshepang Morena
o a hlohonolofala.
2018 Mphalane 6, Moqebelo
Jwale he, ha re sa ntse re ena le sebaka, a re etsetseng bohle molemo, haholoholo ba lelapa la bodumedi.2018 Mphalane 5, Labohlane
Ya bobedi e tshwanang le yona e re: ‘Rata wa heno jwalokaha o ithata.’2018 Mphalane 4, Labone
Tshepa Morenaka pelo ya hao yohle,
o se ke wa tshepa bohlale ba hao.
Kenya Morena mererong ya hao,
mo kenye ho yona yohle,
tsela tsa hao a tla di otlolle.
2018 Mphalane 3, Laboraru
O tadimelang phatsa e ka leihlong la ngwaneno, empa o sa lemohe sekoqo se ka leihlong la hao?2018 Mphalane 2, Labobedi
Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao jwaloka dinaledi tsa lehodimo, mme dinaha tsena tsohle ke tla di nea ditloholo tsa hao. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao; kaha Aborahama o ile a mmamela, a boloka ditsela tsa ka, le ditaelo tsa ka, le ditemoso tsa ka, le melao ya ka.2018 Mphalane 1, Mmantaha
Ya mamelang ha a kgalengwao tseleng ya bophelo,
empa ya sa mameleng,
yena o a kgeloha.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...