2018 Pundungwane 30, Labohlane
O setshabelo sa ka,o tla mphemisa matshwenyeho;
o nteela hare, o a ntopolla.
2018 Pundungwane 29, Labone
Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.2018 Pundungwane 28, Laboraru
Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, le ya sa di jeng a se ke a ahlola ya di jang, hobane le yena eo Modimo o mo amohetse.2018 Pundungwane 27, Labobedi
Ya diehang ho halefao na le kutlwisiso,
athe sefelapelwana
se bontsha bothoto.
2018 Pundungwane 26, Mmantaha
Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.2018 Pundungwane 25, Sontaha
Ha le tsamaya ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloka melao ya ka, le e phetha, ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona, mme masimo a tla ba le tjhai, le difate tsa naha di behe ditholwana tsa tsona.2018 Pundungwane 24, Moqebelo
Morena o molemo, o lokile;kahoo o busetsa baetsadibe tseleng.
Ba eisehang o ba tsamaisa ho lokeng,
o ruta ba eisehang tsela ya hae.
2018 Pundungwane 23, Labohlane
Ha re a ka ra tla le letho lefatsheng, ka mokgwa o jwalo ha re ka ke ra nka letho ho lona ha re tloha. Ha re ena le dijo le diaparo, re di kgotsofalle.2018 Pundungwane 22, Labone
Ho lehlohonolo mothoya itshepetseng Morena,
eo tshepo ya hae
e leng yena Morena.
O tla tshwana le sefate
se lemilweng pela metsi,
seo metso ya sona
e namelang pela molatswana.
Ha se ke se tshoswa
ke ho fihla ha lebatama,
mahlaku a sona
a matalana kamehla,
ka nako ya komello
ha se ke se tshwenyeha,
kamehla se beha
ditholwana tsa sona.
2018 Pundungwane 21, Laboraru
Ya thahasellang ho loka le leratoo tla fumana bophelo
le toka le tlotla.
2018 Pundungwane 20, Labobedi
Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.2018 Pundungwane 19, Mmantaha
Melao ya Morena Modimo wa hao, le ditemoso tsa hae, le ditaelo tsa hae, tseo a o laetseng tsona, o di boloke ka hloko.2018 Pundungwane 18, Sontaha
Ho tshaba Modimoke qaleho ya tsebo,
empa dithoto di nyedisa bohlale,
di nyedisa le tayo.
2018 Pundungwane 17, Moqebelo
Lwana ntwa e ntle ya tumelo; ikgapele bophelo bo sa feleng, boo o bo bitseditsweng, jwalokaha o entse boipolelo bo botle pela dipaki tse ngata.2018 Pundungwane 16, Labohlane
Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona.2018 Pundungwane 15, Labone
Ho tshaba bathoke ho itjhehela leraba,
empa ya tshepang Morena
o tla bolokeha.
2018 Pundungwane 14, Laboraru
Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.2018 Pundungwane 13, Labobedi
Ha le bona ditjellane tsena le tla hopola melao yohle ya Morena, mme le e phethe. Le se ke la phetha ditakatso tsa dipelo tsa lona le tsa mahlo a lona, e leng tse etsang hore le se ke la tshepahala.2018 Pundungwane 12, Mmantaha
Kgalefo ya haeke ya motsotswana feela,
lerato la hae
ke la bophelo bohle ba motho.
Leha nka robala ka meokgo,
ha bo esa e se e le nyakallo.
2018 Pundungwane 11, Sontaha
Baratuwa, a re rataneng, hobane lerato le tswa ho Modimo. Mang le mang ya nang le lerato o tswetswe ke Modimo, mme o tseba Modimo.2018 Pundungwane 10, Moqebelo
Ha le tshwarela batho diphoso tsa bona, le lona Ntata lona ya mahodimong o tla le tshwarela.2018 Pundungwane 9, Labohlane
Leleme le ka phedisa,hape le ka bolaya,
ba ratang ho hehla
ba tla kotula tholwana tsa hona.
2018 Pundungwane 8, Labone
O ile a le phatlalletsa selekane sa hae, seo a ileng a le laela ho se phetha; e leng Melao e leshome, eo a ileng a e ngola hodima matlapa a mabedi.2018 Pundungwane 7, Laboraru
Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.2018 Pundungwane 6, Labobedi
Ya patang dibe tsa haea ke ke a ba le katleho;
ya ipolelang tsona, a di bakela,
o tla fumana mohau.
2018 Pundungwane 5, Mmantaha
Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo.2018 Pundungwane 4, Sontaha
Re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.2018 Pundungwane 3, Moqebelo
Ho tshaba Morenaho ruta motho bohlale;
ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.
2018 Pundungwane 2, Labohlane
Le nne le ratane jwalokaha bana ba motho ba ratana. Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe.2018 Pundungwane 1, Labone
O se ke wa tlaela ka lebitso la Morena Modimo wa hao, hobane Morena a ke ke a tlohela ho otla ya tlaelang ka lebitso lahae.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...