DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Tshitwe 2019)

2019 Tshitwe 31, Labobedi

Nthute ho phetha thato ya hao,
hobane ke wena Modimo wa ka.
Moya wa hao o motle
o ke o ntsamaise,
o ntsamaise tseleng e bataletseng.

2019 Tshitwe 30, Mmantaha

Ya ratang ho phela,
le ho bona matsatsi a thabo,
a tshware leleme la hae
ho bua tse mpe,
le molomo wa hae
ho bua thetso.
A furalle bobe, a etse botle,
a batle kgotso, a e pheelle.

2019 Tshitwe 29, Sontaha

Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang, a ke a tlotliswe kerekeng le ho Kreste Jesu, kamehla le mehla, ka mengwaha le mengwaha. A ho be jwalo!

2019 Tshitwe 28, Moqebelo

Oho, Morena, Modimo wa mabotho,
ako boele o re tsose,
o re bontshe sefahleho
se kganyang kgotso,
re tle re pholohe.

2019 Tshitwe 27, Labohlane

Athe ha le sa tshwarele batho, Ntata lona le yena a ke ke a le tshwarela diphoso tsa lona.

2019 Tshitwe 26, Labone

Seo lerato le leng sona ke sena: hase hore ke rona ba ratileng Modimo, empa ke yena ya re ratileng, a ba a romela Mora wa hae, hore e be nyehelo ka baka la dibe tsa rona.

2019 Tshitwe 25, Laboraru

Rona re tswaletswe Ngwana,
rona re filwe Mora,
puso e tla ba mahetleng a hae,
o tla bitswa
Radimakatso le Moeletsi,
Modimo ya matla, Rabosafeleng,
Kgosana ya Kgotso.

2019 Tshitwe 24, Labobedi

Tlotla e be ho Modimo
mahodimong a hodimodimo,
kgotso e be lefatsheng
ho batho ba mo kgahlang!

2019 Tshitwe 23, Mmantaha

Le Josefa a nyoloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida o bitswang Betlelehema, hobane yena e ne e le wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae. A ingodisa le Maria, eo a mo lebeleditseng, eo e neng e le moimana.

2019 Tshitwe 22, Sontaha

Wena o lefika la ka
le qhobosheane ya ka;
ntsamaise, o ntataise
ka baka la lebitso la hao.

2019 Tshitwe 21, Moqebelo

Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.

2019 Tshitwe 20, Labohlane

Mang le mang ya latolang Mora, o latola le yena Ntate; ya pakang Mora, o paka le yena Ntate.

2019 Tshitwe 19, Labone

Ho abela Morena mpho ka potlako
ke leraba ho motho,
ebe hamorao o ipelaetsa
ka boitlamo ba hae.

2019 Tshitwe 18, Laboraru

Ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato.

2019 Tshitwe 17, Labobedi

Ho nna, bophelo ke Kreste, mme lefu le molemo ho feta.

2019 Tshitwe 16, Mmantaha

Latswang, le utlwe
molemo wa Morena!
Ho lehlohonolo motho
ya tshabelang ho yena.

2019 Tshitwe 15, Sontaha

Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.

2019 Tshitwe 14, Moqebelo

Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona. Le apere botho bo botjha bo ntjhafatswang hore bo tshwane le Mmopi, le tle le be le tsebo ya nnete.

2019 Tshitwe 13, Labohlane

Suthisetsa bolotsana le mashano
hole le nna,
o se ke wa nthuisa
kapa wa mphutsanehisa,
o mphepe ka dijo tse ntekaneng.

2019 Tshitwe 12, Labone

Jwale o diehelang? Ema, o kolobetswe, o hlatsuwe dibe tsa hao ka ho rapela lebitso la hae.

2019 Tshitwe 11, Laboraru

Empa dipelong tsa lona le hlomphe Kreste, eo e leng Morena. Kamehla le itokisetse ho ikarabella ho bohle ba le botsang tsa tshepo eo le nang le yona.

2019 Tshitwe 10, Labobedi

Ipee matsohong a Morena;
o mo tshepe, ho tla sebetsa yena.
O tla etsa
hore ho loka ha hao ho kganye,
ho kganye jwaloka lesedi,
le ditokelo tsa hao
di kganye jwaloka letsatsi,
motsheare o moholo.

2019 Tshitwe 9, Mmantaha

Morena o re laetse tjena:
“ ‘Ke o entse lesedi la ditjhaba,
hore o ise pholoho
le dipheletsong tsa lefatshe!’ ”

2019 Tshitwe 8, Sontaha

Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.

2019 Tshitwe 7, Moqebelo

Morena o haufi
le bohle ba mo rapelang,
ba mo rapelang kannete.

2019 Tshitwe 6, Labohlane

Bohle ke baetsadibe, ba ikamohile tlotla ya Modimo. Empa ba lokafatswa feela ka mohau wa hae, ka ho lopollwa ke Kreste Jesu.

2019 Tshitwe 5, Labone

Morena a ke a eketse, mme a totise lerato la lona, hore le ratane, mme le rate batho bohle, jwalokaha le rona re le rata.

2019 Tshitwe 4, Laboraru

Sethoto se sitwa ho itshwara
ha se halefa,
empa ya bohlale
o iphapanyetsa dikgopiso.

2019 Tshitwe 3, Labobedi

Lona ba dumetseng lebitsong la Mora wa Modimo, ke le ngoletse tsena, hore le tle le tsebe hore le na le bophelo bo sa feleng.

2019 Tshitwe 2, Mmantaha

E mong le e mong wa rona a kgahlise wa habo ka tse isang botleng, ho mo matlafatsa tumelong.

2019 Tshitwe 1, Sontaha

O tla o kwahela ka masiba a hae,
o tshabele tlasa mapheo a hae.
Botshepehi ba hae
ke thebe le thejana.

Temana ya Bibele ya lehono

Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela