DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Pundungwane 2019

2019 Pundungwane 30, Moqebelo

Eng le eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.

2019 Pundungwane 29, Labohlane

O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao. O se ke wa lakatsa mosadi wa hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.

2019 Pundungwane 28, Labone

Ke a tseba hore ha ho letho le molemo ho motho, haese feela ho ithabisa le ho etsa tse ntle ha a sa ntsane a phela. Ha motho ka mong a eja, a enwa, a fumane tse molemo ka mesebetsi ya hae, hoo ke mpho ya Modimo.

2019 Pundungwane 27, Laboraru

Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!

2019 Pundungwane 26, Labobedi

Le se ke la nahana hore ke tlile ho fedisa Molao kapa Baporofeta; ha ke a tla ho di fedisa, ke mpa ke tlile ho di phethahatsa.

2019 Pundungwane 25, Mmantaha

Ya bohlale
o tla mamela molao pelong ya hae,
sethoto se beberang
sona se tla timela.

2019 Pundungwane 23, Moqebelo

Hobane Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng.

2019 Pundungwane 22, Labohlane

Ke wena ya bopileng
bokahare ba ka,
ya kopantseng ditho tsa ka
ke sa le popelong ya mme.
Ke a o boka,
hobane o mpopile
ka mokgwa o makatsang;
mesebetsi ya hao e a hlolla,
hona ke ho tseba hantle.

2019 Pundungwane 21, Labone

A mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe:
‘Motho a ke ke a phela
ka bohobe feela,
empa o tla phela le ka polelo
e nngwe le e nngwe
e tswang molomong wa Modimo.’ ”

2019 Pundungwane 20, Laboraru

Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.

2019 Pundungwane 19, Labobedi

Morena o lopolla bophelo
ba bahlanka ba hae;
ho ba tshabelang ho yena,
ha ho le ya mong ya tla ahlolwa.

2019 Pundungwane 18, Mmantaha

Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.

2019 Pundungwane 17, Sontaha

Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.

2019 Pundungwane 16, Moqebelo

Mora wa ka,
se lebale thuto ya ka,
pelong ya hao
melao ya ka o e boloke,
o tlo lelefaletswe matsatsi a hao,
lemo tsa kgotso di tle di o atele.

2019 Pundungwane 15, Labohlane

Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.

2019 Pundungwane 14, Labone

Ha ho ya halalelang
jwaloka Morena,
hobane ha ho e mong
kantle ho wena,
ha ho mosireletsi
ya kang Modimo wa rona.

2019 Pundungwane 13, Laboraru

Ke ya metsamao e se nang kodi,
ya etsang tse lokileng;
ya buang nnete
e tswang pelong ya hae,
ya sa etseletseng ka leleme la hae,
ya sa etseng mohahabo hampe,
ya sa tlameletseng wa habo.

2019 Pundungwane 12, Labobedi

Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho.

2019 Pundungwane 11, Mmantaha

Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.

2019 Pundungwane 10, Sontaha

Thabela Morena,
mme o tla o nea tse lakatswang
ke pelo ya hao.

2019 Pundungwane 9, Moqebelo

Atamelang ho Modimo, mme o tla atamela ho lona. Lona baetsadibe, hlatswang matsoho a lona; lona ba qeaqeang, hlwekisang dipelo tsa lona.

2019 Pundungwane 8, Labohlane

Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le ba hlohonolofatse, le se ke la ba rohaka.

2019 Pundungwane 7, Labone

Merero e mengata
ka pelong ya motho,
empa wa Morena
wona o hlola kamehla.

2019 Pundungwane 6, Laboraru

Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki.

2019 Pundungwane 5, Labobedi

Empa ha le le moo le tla batla Morena Modimo wa lona. Haeba le mmatla ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle, le tla mo fumana.

2019 Pundungwane 4, Mmantaha

Ebang sebete, le tiye dipelo,
lona bohle ba tshepileng Morena.

2019 Pundungwane 3, Sontaha

Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.

2019 Pundungwane 2, Moqebelo

Jesu a re ho yena: “O re, ‘haeba o ka etsa!’ Tsohle di ka etsahala ho ya dumelang!”

2019 Pundungwane 1, Labohlane

Ya patang lehloyo ke mothetsi,
ya sebang ba bang, yena ke sethoto.