DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Mphalane 2019)

2019 Mphalane 31, Labone

O tla le ruisa kahohlehohle, hoo le ka tsebang ho fana ka matsoho a mabedi. Ka rona, hona ho tla tswala teboho e iswang ho Modimo.

2019 Mphalane 30, Laboraru

Jwale ha Mora a le lokolla, le tla be le lokolohile ka sebele.

2019 Mphalane 29, Labobedi

Morena ke yena
ya tiisang mehato ya batho,
mme o kgahlwa ke metsamao ya bona.

2019 Mphalane 28, Mmantaha

Ha ke na ho le siya le le dikgutsana, ke tla tla ho lona.

2019 Mphalane 27, Sontaha

Ebe motho a ka boellwa ke eng, haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae?

2019 Mphalane 26, Moqebelo

O tla mpontsha tsela ya bophelo;
thabo e kgaphatsehang
e fumanwa ho wena,
ho ba ka tsohong la hao le letona
ke monyaka o sa feleng.

2019 Mphalane 25, Labohlane

O re tshwarele ditshito tsa rona,
jwalokaha le rona re tshwarela
ba re sitetsweng.

2019 Mphalane 24, Labone

Morena Modimo wa rona, a be le rona, jwalokaha a bile le bo-ntata rona; a se ke a re lahla, a re furalla.

2019 Mphalane 23, Laboraru

Morena o na le nna,
ha ke tshabe letho;
motho a ka nketsang?

2019 Mphalane 22, Labobedi

Ho lehlohonolo
ba hlorisetswang ho loka,
hobane Mmuso wa mahodimo
ke wa bona.

2019 Mphalane 21, Mmantaha

Morena wa kgotso ka sebele a ke a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle. Morena a ke a be le lona bohle.

2019 Mphalane 20, Sontaha

Paki e tshepahalang
ha e ke e thetsa,
empa ya bohata
yona e bua leshano.

2019 Mphalane 19, Moqebelo

Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.

2019 Mphalane 18, Labohlane

Jwang bo a pona,
palesa di foforehe,
empa ntswe la Modimo wa rona
le hlola kamehla.

2019 Mphalane 17, Labone

Pelo e thabileng
e tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele.

2019 Mphalane 16, Laboraru

Mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.

2019 Mphalane 15, Labobedi

Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.

2019 Mphalane 14, Mmantaha

O nnea thebe ya hao e pholosang,
letsoho la hao le letona
le a ntshehetsa,
paballo ya hao e a nkgodisa.
O ntlhekela tsela e batsi,
maoto a ka ha a thelle.

2019 Mphalane 13, Sontaha

Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu.

2019 Mphalane 12, Moqebelo

Empa jwalokaha ho ngotswe,
“Tseo leihlo le sa kang la di bona,
tsebe e sa kang ya di utlwa,
le kelello ya motho
e sa kang ya di lekanya,
ke tsona tseo Modimo
a di lokiseditseng ba mo ratang.”

2019 Mphalane 11, Labohlane

Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,
thapo e kgwele di tharo
e dieha ho kgaoha.

2019 Mphalane 10, Labone

“Mehopolo ya ka
hase mehopolo ya lona,
tsela tsa lona
hase tsela tsa ka,”
ho rialo Morena.

2019 Mphalane 9, Laboraru

Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.

2019 Mphalane 8, Labobedi

Sejosenyane se molemo
ha se fumanwe ka toka,
ho ena le maruo
a fumanwang ka bolotsana.

2019 Mphalane 7, Mmantaha

Ebang le maikutlo ana a neng a le ho Kreste Jesu.

2019 Mphalane 6, Sontaha

Ke kgodisehile hore leha e le lefu kapa bophelo, leha e le mangeloi, leha e le meya e meng e busang kapa e matla, leha e le tse teng kapa tse tlang ho ba teng, leha e le tse hodimo kapa tse tlase, leha e le sebopuwa sefe kapa sefe, di ke ke tsa re arohanya le lerato la Modimo, leo a re bontshitseng lona ka Kreste Jesu, Morena wa rona.

2019 Mphalane 5, Moqebelo

Lebella Morena, o be sebete;
tiya pelo, o lebelle Morena.

2019 Mphalane 4, Labohlane

Le dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse botebong ba lefatshe, le tse lewatleng, tsohle tse ho tsona ka di utlwa di re: “Ho ya dutseng teroneng le ho Konyana e be thoriso, le hlompho, le tlotla, le matla, kamehla le mehla.”

2019 Mphalane 3, Labone

Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla.

2019 Mphalane 2, Laboraru

Ba tsebang lebitso la hao
ba ke ba o tshepe,
ba o tshepe hobane wena Morena,
o ke ke wa furalla ba o batlang.

2019 Mphalane 1, Labobedi

Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.

Temana ya Bibele ya lehono

Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ya phelang tshireletsong
ya Ya Hodimodimo,
ya ahileng moriting
wa Ya Matla wohle,
o re ho Morena:
“O setshabelo sa ka
le qhobosheane ya ka,
Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela