2019 Leotshe 30, Mmantaha
Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang. Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.2019 Leotshe 29, Sontaha
Ya buang haholosebe se teng polelong tsa hae,
ya sa buabueng
yena ke motho ya bohlale.
2019 Leotshe 28, Moqebelo
Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng. Mang le mang ya nang le tshepo ena ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha le yena a hlwekile.2019 Leotshe 27, Labohlane
Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.2019 Leotshe 26, Labone
Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa,ba hlokang mano
e ba nea kutlwisiso.
2019 Leotshe 25, Laboraru
Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona.2019 Leotshe 24, Labobedi
Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.2019 Leotshe 23, Mmantaha
Morena, hopola leratole mohau wa hao,
hobane esale o le teng
ho tloha kgale.
Nteballe dibe le ditlolo
tsa botjha ba ka,
nkgopole ka mohau wa hao.
2019 Leotshe 22, Sontaha
Empa ha re bolela nnete ka lerato, re tla hola ka mekgwa yohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho.2019 Leotshe 21, Moqebelo
Jwale, kaha re tseba hore o a re utlwa ha re kopa, re a tseba hore tseo re di kopang ho yena e se e ntse e le tsa rona.2019 Leotshe 20, Labohlane
Barui ba laola mafutsana;moadimuwa o fetoha
kgoba la moadimi.
2019 Leotshe 19, Labone
Jesu a araba, a re: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, a ke ke a kena Mmusong wa Modimo.”2019 Leotshe 18, Laboraru
Le se ke la ithetsa. Modimo ha a songwe, hobane seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula.2019 Leotshe 17, Labobedi
Ke rata Morena,hobane o utlwile thapedi ya ka,
a ntshekehela tsebe,
mohla ke neng ke ipiletsa ho yena.
2019 Leotshe 16, Mmantaha
Haeba re dumela hore Jesu o ile a shwa, a ba a tsoha bafung, le ba ithobaletseng ho Jesu, Modimo o tla ba tsosa bafung jwaloka Jesu.2019 Leotshe 15, Sontaha
Efela ntlo e nngwe le e nngwe e na le sehahi sa yona, mme sehahi sa tsohle ke Modimo.2019 Leotshe 14, Moqebelo
Morena ke lesedi la kale pholoho ya ka;
nka tshaba mang?
Morena ke setshabelo
sa bophelo ba ka;
nka tshoha mang?
2019 Leotshe 13, Labohlane
A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.”2019 Leotshe 12, Labone
Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.2019 Leotshe 11, Laboraru
Ya lokilengo bua puo tse thabisang,
athe ya kgopo
o tseba ho sokamisa ditaba.
2019 Leotshe 10, Labobedi
Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.2019 Leotshe 9, Mmantaha
Ha e le mona re aparetswe ke leru la dipaki le lekanakana, le rona a re lahleng tsohle tse re sitisang, le sebe se re kgomaretseng, mme re mathe ka tiisetso peisong eo re e beetsweng.2019 Leotshe 8, Sontaha
Tsela tsa Modimo di phethehile,tshepiso tsa Morena ke tsa nnete;
yena ke thebe
ya bohle ba tshabelang ho yena.
2019 Leotshe 7, Moqebelo
Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse. O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale.2019 Leotshe 6, Labohlane
Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.2019 Leotshe 5, Labone
Leme le thabisangke fate sa bophelo,
empa le thetsang
le senya pelo ya motho.
2019 Leotshe 4, Laboraru
Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu, hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste.2019 Leotshe 3, Labobedi
Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle!2019 Leotshe 2, Mmantaha
Pholoho ya kae tswa ho Modimo,
le tlotla ya ka
e tswa ho yena,
ke yena lefika la ka le matla;
Modimo ke setshabelo sa ka.
2019 Leotshe 1, Sontaha
Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...