2020 Motsheanong 31, Sontaha
Ba bona ho hlaha maleme a kang malakabe; a arohana, a dula ka bonngwe hodima e mong le e mong wa bona. Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.2020 Motsheanong 30, Moqebelo
Ke tla kopa Ntate, mme o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lona ka ho sa feleng.2020 Motsheanong 29, Labohlane
Ke ile ka potlaka, ka se ke ka diehaho boloka melao ya hao.
2020 Motsheanong 28, Labone
O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae. O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena.2020 Motsheanong 26, Labobedi
Ho lehlohonoloya iphumanetseng bohlale,
ya bileng a fihletseng kutlwisiso.
2020 Motsheanong 25, Mmantaha
Ipatleleng Morena le matla a hae,le ipatlele yena le sa kgaotse.
2020 Motsheanong 24, Sontaha
Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.2020 Motsheanong 23, Moqebelo
Oho, Modimo, ako nkgauheleka mohau wa hao,
ho ya ka boholo ba lerato la hao
ako hlakole melato ya ka.
Ntlhatswisise bokgopo ba ka,
o ntlhwekise sebe sa ka.
2020 Motsheanong 22, Labohlane
Seo lerato la Modimo le bonahaditsweng ka sona ho rona ke sena: Modimo o ile a romela Mora wa hae ya inotshi lefatsheng, hore re tle re phele ka yena.2020 Motsheanong 21, Labone
Yare hoba Morena Jesu a bue le barutuwa, a nkelwa lehodimong, a dula letsohong le letona la Modimo.2020 Motsheanong 20, Laboraru
Sethoto ha se kgutsitseho thwe se hlalefile,
se na le kutlwisiso
ha se tshwara leme la sona.
2020 Motsheanong 19, Labobedi
Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.2020 Motsheanong 18, Mmantaha
Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.2020 Motsheanong 17, Sontaha
Tsohle tse phelangdi ke di rorise Morena.
Haleluja!
2020 Motsheanong 16, Moqebelo
Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.2020 Motsheanong 15, Labohlane
Mokgabo wa lona e se ke ya eba o bonwang, jwaloka meriri e lohilweng, mekgabiso ya kgauta le diaparo tse ntlehadi. Mokgabo wa lona o sa senyeheng o tswe botebong ba dipelo tsa lona, e leng moya wa mosa le kgutso, oo e leng ntho ya bohlokwa ho Modimo.2020 Motsheanong 14, Labone
Polelo tsohle tsa Modimoke tsa nnete.
Ke thebe ho bohle ba mo tshepang.
2020 Motsheanong 13, Laboraru
Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.2020 Motsheanong 12, Labobedi
Ka baka leo, ke re ho lona: Tsohle tseo le di kopang ka thapelo, dumelang hore le se le di amohetse, mme le tla di etsetswa.2020 Motsheanong 11, Mmantaha
Lefatshe ke la Morenale tsohle tse ho lona,
lefatshe le bohle
ba ahileng ho lona.
2020 Motsheanong 10, Sontaha
O se ke wa bolaya; o se ke wa feba; o se ke wa utswa; o se ke wa etseletsa motho e mong; hlompha ntatao le mmao, mme o rate wa heno jwalokaha o ithata.2020 Motsheanong 9, Moqebelo
Morena a ke a sokollele dipelo tsa lona leratong la Modimo le tiisetsong e kang ya Kreste.2020 Motsheanong 8, Labohlane
Bitso le letle le molemoho feta maruo a mangata,
ho hlompheha ho molemo
ho feta silefera kapa kgauta.
2020 Motsheanong 7, Labone
Jwale ke re: Tsamaiswang ke Moya, mme ha le ka ke la phetha ditakatso tsa botho.2020 Motsheanong 6, Laboraru
Tshimolohong Lentswe le ne le le teng. Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.2020 Motsheanong 5, Labobedi
Modimo, ke wena Modimo wa ka,Modimo eo ke mmatlang,
moya wa ka o o nyoretswe,
mmele wa ka o o hlolohetswe,
jwaloka naha e omeletseng,
e kgathetseng, e hlokang metsi.
2020 Motsheanong 4, Mmantaha
Ya se nang lerato ha a tsebe Modimo, kaha Modimo ke lerato.2020 Motsheanong 3, Sontaha
Morena o tla le lwanela, lona le ntse le itholetse!2020 Motsheanong 2, Moqebelo
O tla utlwisisa ho loka,ho tshepeha, le ho nepahetseng,
o utlwisise le ditsela tsohle,
tsela tsohle, tse lokileng.
2020 Motsheanong 1, Labohlane
Empa ha re tshepile ho fumana seo re esong ho be le sona, re se lebella ka mamello.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...