Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete; le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.”
Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale.
Kannete ke a le bolella hore ha e mong a ka re ho thaba eo: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ a se na pelaelo pelong ya hae, a mpa a dumela hore seo a se bolelang se tla etsahala, o tla se etsetswa.
Ke ne nka araba ba sa reng letho ka nna; ke ne nka fumanwa ke ba sa kang ba mpatla. Ho tjhaba se neng se sa nthapele ka re: ‘Ke nna enwa! Ke nna enwa!’
Fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.
Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.
Makaqabetsing a ka ka ipiletsa ho Morena, ka llela Modimo wa ka hore a nthuse; a utlwa lentswe la ka a le ka tempeleng ya hae, sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.
Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.
Etsa hore ke tsebe mohau wa hao, ke o tsebe e sa le hoseng, hobane ke o tshepile; mpontshe tsela eo nka tsamayang ka yona, hobane ke o rapela ka moya wa ka wohle.