2023 Mphalane 31, Labobedi
Wena Morena,o busa kamehla yohle,
terone ya hao
e hlomamiseditswe meloko yohle.
2023 Mphalane 30, Mmantaha
Wena motho,o boleletswe se molemo;
ebe Morena
o lebeletse eng ho wena?
Ke ho etsa tse lokileng,
le ho ba le lerato,
le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.
2023 Mphalane 29, Sontaha
Borui, le bohlale,le tsebo ya Modimo
di kaakang!
Dikahlolo tsa hae
di ka hlaloswa jwang!
Ditsela tsa hae
di ka utlwisiswa jwang!
2023 Mphalane 28, Moqebelo
Bohle ba tla tseba ka hona hore le barutuwa ba ka, ha le ratana.2023 Mphalane 27, Labohlane
Morena, ke o bokaka pelo ya ka yohle,
ke bolela dimakatso tsohle tsa hao.
2023 Mphalane 26, Labone
Thabang kamehla, se phetseng ho rapela, lebohang dinthong tsohle, hobane tsena ke tsona tseo Modimo a ratang hore le di etse ka Kreste Jesu.2023 Mphalane 25, Laboraru
Ha a se a entswe ya phethehileng, e bile mohlodi wa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang.2023 Mphalane 24, Labobedi
Leredi ke thetsane,botle ke lefeelafeelane;
mosadi ya tshabang Modimo
ke yena ya tla roriswa.
2023 Mphalane 23, Mmantaha
Tsohle jwale di utlwahetse,mme qetello ya taba ke ena:
Tshaba Modimo,
o boloke melao ya hae,
hoba hona
ke tshwanelo yohle ya motho.
2023 Mphalane 22, Sontaha
Empa ya etsang seo e leng nnete o tla leseding, hore mesebetsi ya hae e bonahale hore o e entse a ena le Modimo.2023 Mphalane 21, Moqebelo
Empa wena Morena,o thebe e ntshireletsang,
o mpha seriti, o ntsosa molota.
2023 Mphalane 20, Labohlane
Ha lefatshe le le hloya, tsebang hore le ile la ntlhoya pele ho lona.2023 Mphalane 19, Labone
Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?2023 Mphalane 18, Laboraru
Paki e tshepahalangha e ke e thetsa,
empa ya bohata
yona e bua leshano.
2023 Mphalane 17, Labobedi
Mme ya sa nkeng sefapano sa hae a ntatela ha a ntokele.2023 Mphalane 16, Mmantaha
Le se ke la rata lefatshe le tsa lona. Haeba motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ka ho yena.2023 Mphalane 15, Sontaha
Ke mohau ke wa hao, Morena;ke wena ya putsang motho,
ho ya ka diketso tsa hae.
2023 Mphalane 14, Moqebelo
Ka baka leo, ikokobeletseng Modimo. Lwantshang Diabolosi, mme o tla le baleha.2023 Mphalane 13, Labohlane
Itjariseng joko ya ka, le ithute ka nna, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobeditseng, mme le tla fumana phomolo. Joko ya ka e bonolo, mme thoto ya ka e bobebe.2023 Mphalane 12, Labone
“Na motho a ka ipatadikgotjheletsaneng,
a ipata teng, yaba ha ke mmone?”
ho rialo Morena.
“Na ha ke fumanwe
lehodimong le lefatsheng?”
ho rialo Morena.
2023 Mphalane 11, Laboraru
Ho se be ya ipatlelang tse molemo, empa e mong a batlele e mong tse molemo.2023 Mphalane 10, Labobedi
Tumelo ke ho tshepa dintho tse ntseng di lebeletswe, ke ho kgodiseha ka tse esong ho bonwe.2023 Mphalane 9, Mmantaha
A ke ke a tlohela leoto la hao,a le tlohella ho thella,
molebedi wa hao a ke ke a otsela.
2023 Mphalane 8, Sontaha
Hobane Kreste ke yena qetello ya Molao, ho lokafatsa mang le mang ya dumelang.2023 Mphalane 7, Moqebelo
Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.2023 Mphalane 6, Labohlane
Ka baka la hobane ba kgopo ba dieha ho ahlolwa, batho ba ikemiseditse ho etsa bobe ka sebete.2023 Mphalane 5, Labone
Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.2023 Mphalane 4, Laboraru
Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.2023 Mphalane 3, Labobedi
Ya patang dibe tsa haea ke ke a ba le katleho;
ya ipolelang tsona, a di bakela,
o tla fumana mohau.
2023 Mphalane 2, Mmantaha
Itlhokomeleng, esere la lahlehelwa ke tseo le di sebeleditseng, le tle le mpe le amohele moputso o tletseng.2023 Mphalane 1, Sontaha
Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...