2023 Leotshe 30, Moqebelo
Ba ratang Molao wa haoba na le kgotso e phethehileng,
ha ho na se ka ba kgopang.
2023 Leotshe 29, Labohlane
Jwale he, bana ba ka, phelang ka ho Kreste, e le hore mohla a iponahatsang re tle re be sebete, re se ke ra ba dihlong, ra honyela, ha a se a le teng.2023 Leotshe 28, Labone
Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.2023 Leotshe 27, Laboraru
Mahlo a haoa tadime kapele ho wena,
dintshi tsa hao di se ke tsa panya.
2023 Leotshe 26, Labobedi
Ya jalang tshimong ya tsa botho o tla kotula ho bola ho yona, empa ya jalang tshimong ya tsa Moya, o tla kotula bophelo bo sa feleng ho yona.2023 Leotshe 25, Mmantaha
Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme Ntate ke molemi. Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng ditholwana, o a le poma, mme le leng le le leng le behang ditholwana, o a le faola, hore le tle le behe ditholwana tse ngata ho feta.2023 Leotshe 24, Sontaha
Ho lehlohonoloba metsamao e se nang kodi,
ba tsamayang ka Molao wa Morena.
2023 Leotshe 23, Moqebelo
Ba eisehang le ba nyedisehang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile: o kgethile tseo e seng letho ho fedisa tse leng teng, e le hore ho se be mang kapa mang ya ka ithorisang pela Modimo.2023 Leotshe 22, Labohlane
Ha re a ka ra tla le letho lefatsheng, ka mokgwa o jwalo ha re ka ke ra nka letho ho lona ha re tloha. Ha re ena le dijo le diaparo, re di kgotsofalle.2023 Leotshe 21, Labone
Ya bolokang ditaeloo baballa bophelo ba hae,
ya sa hlokomeleng metsamao ya hae
o tla shwa.
2023 Leotshe 20, Laboraru
Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.2023 Leotshe 19, Labobedi
Ha ke hlajwe ke dihlong ho bolela molaetsa o molemo, hobane wona ke matla a Modimo, a pholosang mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena moditjhaba.2023 Leotshe 18, Mmantaha
Morena, ke tla o boka hara ditjhaba,ke o roke hara merabe.
2023 Leotshe 17, Sontaha
Le tla halalela le be batho ba ka, hobane nna, Morena, ke a halalela. Ke le kgaohantse le baditjhaba, hore le tle le be ba ka.2023 Leotshe 16, Moqebelo
Ke hlolohetswe ho le bona, hore ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le matlafatswe. Hona ke ho re, ha ke le ho lona, re kgothatsane ka tumelo ya rona bohle, nna ka tumelo ya lona, le lona ka ya ka.2023 Leotshe 15, Labohlane
Tshepa Morenaka pelo ya hao yohle,
o se ke wa tshepa bohlale ba hao.
Kenya Morena mererong ya hao,
mo kenye ho yona yohle,
tsela tsa hao a tla di otlolle.
2023 Leotshe 14, Labone
Ngwanabo rona ya eisehang a be motlotlo ha a phahamisetswa bodumeding. Ya ruileng le yena a be motlotlo ha a eiswa ka ho ba modumedi, hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang.2023 Leotshe 13, Laboraru
Rona re na le Modimo a le mong e leng Ntate. Ke yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, eo re mo phelelang. Hape re na le Morena a le mong, e leng Jesu Kreste. Ke yena eo dintho tsohle di entsweng ka yena, eo re phelang ka yena.2023 Leotshe 12, Labobedi
Ke thabelaho latela ditemoso tsa hao,
ho feta maruo wohle.
2023 Leotshe 11, Mmantaha
Dintho tsohle di bile teng ka lona, mme ha ho letho le bileng teng haese ka lona.2023 Leotshe 10, Sontaha
Ka sebele sa wona, Moya wa Modimo o pakelana le meya ya rona hore re bana ba Modimo.2023 Leotshe 9, Moqebelo
Motho ya hlolwangho bipa kgalefo ya hae
o tshwana le motse
o marako a heleditsweng.
2023 Leotshe 8, Labohlane
Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale, le sebedise monyetla oo le o fumanang, hobane mehla ena e mebe.2023 Leotshe 7, Labone
Le sa hloka mamello, e le hore, ka ho phetha thato ya Modimo, le tle le amohele seo le se tshepisitsweng.2023 Leotshe 6, Laboraru
Ke re ho Morena:“Ke wena Morena wa ka,
ha ke na lehlohonolo
ntle ho wena.”
2023 Leotshe 5, Labobedi
Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng.2023 Leotshe 4, Mmantaha
Motsu wa lefu ke sebe, mme matla a sebe ke Molao.2023 Leotshe 3, Sontaha
Ya fanang haholoo tla fumana katleho,
ya fanang ka metsi
le yena o tla a fuwa.
2023 Leotshe 2, Moqebelo
Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”2023 Leotshe 1, Labohlane
Le lehlohonolo ha le hlapaolwa, le hloriswa, le etseletswa ka mekgwa yohle ka baka la ka.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.”Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
“Na mosadi a ka lebala lesealeo a le anyesang,
a se ka hauhela ngwana
wa popelo ya hae?
Leha yena a ka lebala,
nna ha nka ke ka o lebala!”
Bona! ke ngotse bitso la hao
kahara diatla tsa ka,
marako a hao
ke ntse ke a bona kamehla.Temana ya go latela!