DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Hlakola 2023

2023 Hlakola 28, Labobedi

Haeba le thahasella nnete, ke mang ya ka le etsang hampe?

2023 Hlakola 27, Mmantaha

A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”

2023 Hlakola 26, Sontaha

Kgalefo ya Modimo
e ke ke ya fediswa,
ya fediswa ke maruo a motho,
empa ho loka
ho lopolla motho lefung.

2023 Hlakola 25, Moqebelo

Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.

2023 Hlakola 24, Labohlane

Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata.

2023 Hlakola 23, Labone

Morena o lokile
ho tsohle tseo a di etsang,
mesebetsing yohle ya hae
o mohau.

2023 Hlakola 22, Laboraru

Ke seo le se bitseditsweng, hobane Kreste le yena o ile a hlokofatswa ka baka la lona, mme a le siela mohlala, hore le tle le hate mehatong ya hae.

2023 Hlakola 21, Labobedi

Ke mathela pakaneng ho hapa moputso wa pitso ya Modimo, e tswang hodimo, ka Kreste Jesu.

2023 Hlakola 20, Mmantaha

Polelo tsohle tsa Modimo
ke tsa nnete.
Ke thebe ho bohle ba mo tshepang.

2023 Hlakola 19, Sontaha

Le latele Morena Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke melao ya hae, le mamele lentswe la hae, le mo sebeletse, le mo kgomarele.

2023 Hlakola 18, Moqebelo

Jesu a boela a bua le bona, a re: “Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang ha a ka ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.”

2023 Hlakola 17, Labohlane

Ke rata Morena,
hobane o utlwile thapedi ya ka,
a ntshekehela tsebe,
mohla ke neng ke ipiletsa ho yena.

2023 Hlakola 16, Labone

Mohla tsatsi la thabo
nyakalla le wena,
mohla tsatsi la mahlonoko
ako hopole sena:
Matsatsi ana, bobedi,
a entswe ke Modimo;
kahoo tsa kamoso
motho a ke ke a di tseba.

2023 Hlakola 15, Laboraru

Kannetenete, ke a le bolella, mohlanka ha a moholo ho monga hae, le moromuwa ha a moholo ho ya mo romileng.

2023 Hlakola 14, Labobedi

“Leha dithaba di ka sisinngwa
le maralla a suthiswa,
lerato la ka le matla ho wena
le ke ke la sisinyeha,
kapa selekane sa ka sa kgotso
sa fediswa,”
ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko.

2023 Hlakola 13, Mmantaha

Modimo o ratile ho ba tsebisa menono le tlotla ya sephiri seo hara baditjhaba. Sephiri ke sena: Kreste o ka ho lona, eo ka yena le nang le tshepo ya tlotla.

2023 Hlakola 12, Sontaha

Seo re tsebang ka sona hore re phela ka ho yena, le yena o phela ka ho rona, ke sena: o re neile Moya wa hae.

2023 Hlakola 11, Moqebelo

Ithuteng ho etsa tse lokileng,
le ipatlele le yona toka,
kgalemelang mohatelli,
le ahlolele kgutsana hantle,
nyewe ya mohlolohadi
le yona le e emele.

2023 Hlakola 10, Labohlane

Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.”

2023 Hlakola 9, Labone

Ditholwana tsa lesedi ke tsohle tse molemo, tse lokileng le tsa nnete.

2023 Hlakola 8, Laboraru

Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela;
ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.

2023 Hlakola 7, Labobedi

Le be baphethi ba lentswe leo, e seng bautlwi feela, ba ithetsang ka bobona.

2023 Hlakola 6, Mmantaha

Se ahloleng ba bang, mme ha le ka ke la ahlolwa; le se tswe ba bang, mme ha le ka ke la tsuwa. Tshwarelang, mme le tla tshwarelwa.

2023 Hlakola 5, Sontaha

Ho fihlela boqhekung ba lona
ha ke eso fetohe,
ke tla nne ke le pepe
ho fihlela le eba bo-raputswe.
Ke nna ya le bopileng,
mme ke tla nne ke le sike,
ke tla nne ke le pepe,
ke le namolele.

2023 Hlakola 4, Moqebelo

Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, le ya sa di jeng a se ke a ahlola ya di jang, hobane le yena eo Modimo o mo amohetse.

2023 Hlakola 3, Labohlane

Dihlodilweng tsohle di lebeletse ka tlholohelo e kgolo ho bonahatswa ha bana ba Modimo.

2023 Hlakola 2, Labone

Mohau wa hao o molemo
ho feta bophelo,
molomo wa ka o tla o rorisa.
Ke tla o boka ha ke ntse ke phela,
ke phahamise matsoho a ka,
ke a phahamisetse ho wena.

2023 Hlakola 1, Laboraru

Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe.