DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Phesekgong 2023

2023 Phesekgong 31, Labobedi

Lefatshe, mmoho le ditakatso tsa lona, le a fela, empa ya etsang thato ya Ntate o tla phela kamehla yohle.

2023 Phesekgong 30, Mmantaha

Ba babedi ba feta ya mong,
moputso wa bona o a hlamatseha.

2023 Phesekgong 29, Sontaha

Empa kajeno le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a Modimo, le kotula tse le halaletsang, mme qetello ya tsona ke bophelo bo sa feleng.

2023 Phesekgong 28, Moqebelo

Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.

2023 Phesekgong 27, Labohlane

O fodisa ba pelo di hlabehileng,
o tlamella maqeba a bona.

2023 Phesekgong 26, Labone

Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.

2023 Phesekgong 25, Laboraru

Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho. Tsebang hore Morena o tla le putsa ka ho le etsa majalefa a hae. Morena eo le mo sebeletsang ke Kreste.

2023 Phesekgong 24, Labobedi

Ha o tshela hara madiba
ke tla ba le wena;
ha o tshela dinoka
ha di ka ke tsa o nka.
Ha o tsamaya hara mollo
ha o ka ke wa tjha,
malakabe ha a ka ke a o tjhesa.

2023 Phesekgong 23, Mmantaha

Jwalokaha re ena le ditho tse ngata mmeleng o le mong, empa ditho tseo tsohle di sa etse mosebetsi o tshwanang, ka mokgwa o jwalo, leha re le bangata, re mmele o le mong ho Kreste, e mong ke setho sa e mong.

2023 Phesekgong 22, Sontaha

Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong? Le rekilwe ka theko e phahameng. Ka baka leo, tlotlisang Modimo ka mmele ya lona.

2023 Phesekgong 21, Moqebelo

Ha e le nna ke tla bina,
ke rorise matla a hao,
e sa le hosasa ke tla bolela,
ke bolele tsa mohau wa hao
ke di bolele ka mehoo ya thabo,
hobane o bile qhobosheane ya ka,
o bile setshabelo sa ka
mohla tsatsi
la matshwenyeho a ka.

2023 Phesekgong 20, Labohlane

Mang le mang ya ratang ho baballa bophelo ba hae bo tla mo senyehela, empa mang le mang ya senyehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo rua.

2023 Phesekgong 19, Labone

Kahoo fedisa matshwenyeho
a pelo ya hao,
o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao,
hoba bongwana le botjha
ke mafeelafeelane.

2023 Phesekgong 18, Laboraru

Ho lehlohonolo
ba pelo di hlwekileng,
hobane ba tla bona Modimo.

2023 Phesekgong 17, Labobedi

Ana dirobele tse hlano ha di rekiswe disente tse pedi na? Athe Modimo ha a lebale le se seng sa tsona. Esita le diqoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela. Le se ke la tshaba! Le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.

2023 Phesekgong 16, Mmantaha

Tsohle tse ngotsweng kgale di ngoletswe ho re ruta, hore ka ho mamella le ho tshediswa ho fumanwang Mangolong, re tle re be le tshepo.

2023 Phesekgong 15, Sontaha

Ke tla boka Morena ka nako tsohle,
ke nne ke mo rorise kamehla.

2023 Phesekgong 14, Moqebelo

Jwale tlotla e be ho Modimo Ntata rona kamehla le mehla. A ho be jwalo!

2023 Phesekgong 13, Labohlane

Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo.

2023 Phesekgong 12, Labone

Ya lokileng
o bua puo tse thabisang,
athe ya kgopo
o tseba ho sokamisa ditaba.

2023 Phesekgong 11, Laboraru

Erekaha lefu le hlahile ka motho, le tsoho ya bafu e hlaha ka motho.

2023 Phesekgong 10, Labobedi

Lesedi le kganya lefifing, empa lefifi ha le a ka la le hlola.

2023 Phesekgong 9, Mmantaha

Morena o lopolla bophelo
ba bahlanka ba hae;
ho ba tshabelang ho yena,
ha ho le ya mong ya tla ahlolwa.

2023 Phesekgong 8, Sontaha

Ha Mothusi eo ke tla mo romela ho lona a tlile a etswa ho Ntate, Moya wa nnete o tswang ho Ntate, o tla mpaka.

2023 Phesekgong 7, Moqebelo

Mme maleme wohle a tle a bolele hore “Jesu Kreste ke Morena,” e be tlotliso ho Modimo Ntate.

2023 Phesekgong 6, Labohlane

Taelo tse tswang molomong wa hae
ha ke a di kgeloha,
ka pelong ya ka
ke bolokile polelo tsa hae.

2023 Phesekgong 5, Labone

Jesu a araba, a re: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, a ke ke a kena Mmusong wa Modimo.”

2023 Phesekgong 4, Laboraru

Lona ba batlang ho lokafatswa ka Molao oo, le ikgaohantse le Kreste, le lahlehetswe ke mohau wa Modimo.

2023 Phesekgong 3, Labobedi

Boka Morena, wena moya wa ka;
botho bohle ba ka
bo boke bitso la hae le halalelang.

2023 Phesekgong 2, Mmantaha

Empa nna ke tla lebella Morena,
ke lebelle Modimo,
Mopholosi wa ka;
Modimo wa ka o tla nkutlwa.

2023 Phesekgong 1, Sontaha

Modimo o itebaditse dinako tsa ho se tsebe ha batho, empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake.