Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.
O ila hlajwa ka baka la ditshito tsa rona, a tetetswa ka baka la dibe tsa rona, kotlo e re tlisetsang kgotso ya mo wela hodimo, ra fodiswa ke maqeba a hae.
Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona. Le apere botho bo botjha bo ntjhafatswang hore bo tshwane le Mmopi, le tle le be le tsebo ya nnete.
Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding, le tseo le di nyenyeleditseng motho tsebeng dikamoreng tse kahare, di tla phatlalatswa dihlohlolong tsa matlo.
Nka ya kae ho ipatela moya wa hao? Nka balehela kae ho ipatela sefahleho sa hao? Ha nka nyolohela mahodimong, o teng moo; leha nka theohela Nqalong ya Bafu, le teng o teng.
Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla.
Yena ke Lefika, mosebetsi wa hae o hloka kodi, ditsela tsohle tsa hae di na le toka; ke Modimo ya tshepahalang, ya se nang bokgopo; o lokile, mme o nepa kamehla.
Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!
A re ho bona: “Mang le mang ya amohelang ngwana enwa lebitsong la ka, o a nkamohela, mme ya nkamohelang o amohela ya nthomileng, hobane ya leng monyenyane hara lona bohle, ke yena e moholo.”
Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.