2016 Motsheanong 31, Labobedi
Yena eo le mo ratang le hoja le sa ka la mmona, mme le hona jwale le dumelang ho yena le hoja le eso mmone. Jwale le nyakaletse ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tlotlehang, hobane le tla amohela moputso wa tumelo ya lona, e leng pholoho ya lona.2016 Motsheanong 30, Mmantaha
Kamehla thabang ka ho ba ho Morena; ke boela ke re: Thabang!2016 Motsheanong 29, Sontaha
Ke ho Modimo feelamoo moya wa ka o ka phomolang,
pholoho ya ka e tswa ho yena.
2016 Motsheanong 28, Moqebelo
Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.2016 Motsheanong 27, Labohlane
Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ahlolelanang ka toka, le be mosa, mme le utlwelane bohloko. Le se ke la hatella mohlolohadi, leha e le kgutsana, moditjhaba kapa mofutsana. Motho a se ke a rerela ngwanabo bokgopo.’2016 Motsheanong 26, Labone
Bokang Morena,le rapele lebitso la hae,
le tumise diketso tsa hae,
le di tumise hara ditjhaba.
2016 Motsheanong 25, Laboraru
Kgalemelo e nngwe le e nngwe ha e etswa ha e thabise, e bohloko, empa hamorao bao e ba thapisitseng, e ba tlisetsa ditholwana tsa kgotso, tsa ho loka.2016 Motsheanong 24, Labobedi
Etsa ka matla ho ba ya amohelehang ho Modimo, mosebeletsi ya ke keng a hlajwa ke dihlong, ya rutang lentswe la nnete ka ho otloloha.2016 Motsheanong 23, Mmantaha
Ya ratang tjheleteha e ke be e mo lekane,
ya ratang leruo
kamehla o a le halala;
hona le hona e sa le lefeela.
2016 Motsheanong 22, Sontaha
Haeba o mamela lentswe la Morena Modimo wa hao ka hloko, o hlokomela ho phetha melao yohle ya hae, eo ke o laelang yona kajeno, Morena Modimo wa hao o tla o phahamisa ho feta ditjhaba tsohle tsa lefatshe.2016 Motsheanong 21, Moqebelo
Hobane le Mora Motho ha a a ka a tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.2016 Motsheanong 20, Labohlane
Bokang Morena, hobane o molemo,mohau wa hae
ke wa kamehla yohle.
2016 Motsheanong 19, Labone
Le latele Morena Modimo wa lona, le mo tshabe, le boloke melao ya hae, le mamele lentswe la hae, le mo sebeletse, le mo kgomarele.2016 Motsheanong 18, Laboraru
Empa dinthong tsena tsohle re hlola ka mokgwa o phethehileng ka ya re ratileng.2016 Motsheanong 17, Labobedi
Modimo, ako bontshehore o okametse mahodimo,
tlotla ya hao
e phahamele lefatshe lohle.
2016 Motsheanong 16, Mmantaha
Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.2016 Motsheanong 15, Sontaha
Ba bona ho hlaha maleme a kang malakabe; a arohana, a dula ka bonngwe hodima e mong le e mong wa bona. Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.2016 Motsheanong 14, Moqebelo
Ha ho le jwalo, ha o etsetsa mafutsana thuso, o se ke wa ipolela, jwalokaha baikaketsi ba etsa matlung a thapelo le ditseleng tsa motse, hore ba tlotliswe ke batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.2016 Motsheanong 13, Labohlane
Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong.2016 Motsheanong 12, Labone
Makaqabetsing a kaka ipiletsa ho Morena,
ka llela Modimo wa ka
hore a nthuse;
a utlwa lentswe la ka
a le ka tempeleng ya hae,
sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.
2016 Motsheanong 11, Laboraru
Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.2016 Motsheanong 10, Labobedi
Morena o molemo, ke setshabelo;ke setshabelo
mohla tsatsi la ditlokotsi,
ba mo tshepang o a ba sireletsa.
2016 Motsheanong 9, Mmantaha
Ba tsebang lebitso la haoba ke ba o tshepe,
ba o tshepe hobane wena Morena,
o ke ke wa furalla ba o batlang.
2016 Motsheanong 8, Sontaha
Jwale Morena Modimo a re: “Hase hantle hore motho a be inotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya mo thusang.”2016 Motsheanong 7, Moqebelo
Le be baphethi ba lentswe leo, e seng bautlwi feela, ba ithetsang ka bobona.2016 Motsheanong 6, Labohlane
Morena, hopola leratole mohau wa hao,
hobane esale o le teng
ho tloha kgale.
Nteballe dibe le ditlolo
tsa botjha ba ka,
nkgopole ka mohau wa hao.
2016 Motsheanong 5, Labone
Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.2016 Motsheanong 4, Laboraru
Jesu a ba tadima, mme a re: “Hona ho sita batho, e seng Modimo, hobane Modimo ha a sitwe ke letho.”2016 Motsheanong 3, Labobedi
Morena e ke e be qhobosheaneya ba hatellwang,
qhobosheane
nakong ya matshwenyeho.
2016 Motsheanong 2, Mmantaha
Seo lerato la Modimo le bonahaditsweng ka sona ho rona ke sena: Modimo o ile a romela Mora wa hae ya inotshi lefatsheng, hore re tle re phele ka yena.2016 Motsheanong 1, Sontaha
Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...