2017 Motsheanong 31, Laboraru
Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe.2017 Motsheanong 30, Labobedi
Empa Morena o re:“Ke nna Morena Modimo wa hao,
ho tloha ha o le naheng,
naheng ya Egepeta.
Ha o a ka wa ba le Modimo e mong
kantle ho nna,
hobane ha ho Mopholosi e mong
kantle ho nna.”
2017 Motsheanong 29, Mmantaha
Empa mohau wa Morena,ho ba mo tshabang,
ke wa kamehla yohle,
e se nang qaleho le qetello;
le ho loka ha hae ho fihla
le ditlohotloholwaneng tsa bona,
ho ba bolokang selekane sa hae,
ba hopolang
ho phethahatsa ditaelo tsa hae.
2017 Motsheanong 28, Sontaha
Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.2017 Motsheanong 27, Moqebelo
Bona, ke tla tla kapele, ke tlise moputso ho o nea motho ka mong ho ya kamoo a sebeditseng kateng.2017 Motsheanong 26, Labohlane
Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa,ba hlokang mano
e ba nea kutlwisiso.
2017 Motsheanong 25, Labone
Yare ba sa ntse ba tadimile lehodimong ha a ntse a nyoloha, bonang, banna ba babedi, ba diaparo di tshweu, ba ema pela bona. Yaba ba re: “Banna ba Galelea, le emetseng le shebile lehodimong? Jesu enwa ya nyolletsweng lehodimong, a tloha hara lona, o tla boela a kgutla ka mokgwa oo le mmoneng a nyolohela lehodimong ka wona.”2017 Motsheanong 24, Laboraru
Morena Modimo wa hao,o na le wena,
ke senatlahadi se tla o lwanela.
O tla o thabela ka nyakallo,
a o rate ka lerato la sebele,
a howeletse,
a o hlabele medidietsane,
a e hlabe
sa mohla tsatsi la mokete.
2017 Motsheanong 23, Labobedi
Ha e mong a re: “Ke rata Modimo,” empa a hloile ngwanabo, o leshano, hobane ya sa rateng ngwanabo, eo a mmonang, ha a ka ke a rata Modimo eo a esong ho mmone.2017 Motsheanong 22, Mmantaha
Ha pelo ya ka e touta haholo,matshediso a hao
a hlabolla moya wa ka.
2017 Motsheanong 21, Sontaha
Hobane le a tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho tswala mamello.2017 Motsheanong 20, Moqebelo
Empa Jesu ha a utlwa, a re ho Jairuse: “Se tshabe; dumela feela, mme o tla fola.”2017 Motsheanong 19, Labohlane
Motho o bona tsela tsohle tsa hae,o di bona di nepahetse,
empa Morena ke yena
ya lekolang pelo.
2017 Motsheanong 18, Labone
Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.2017 Motsheanong 17, Laboraru
Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa baetsadibe.2017 Motsheanong 16, Labobedi
Kgoba matshwafo, o lebelle Morena;o se ke wa itlhonamisa
ka eo tsohle di mo atlang,
e leng
ya phethang merero e kgopo.
2017 Motsheanong 15, Mmantaha
Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang.2017 Motsheanong 14, Sontaha
Le fodise ba kulang ba ho wona, le re ho bona: ‘Mmuso wa Modimo o se o le fihletse!’2017 Motsheanong 13, Moqebelo
Ho lehlohonoloba metsamao e se nang kodi,
ba tsamayang ka Molao wa Morena.
2017 Motsheanong 12, Labohlane
Ho lehlohonolo ba bopang kgotso,hobane ba tla bitswa
bana ba Modimo.
2017 Motsheanong 11, Labone
Hobane mahlo a Morenaa tadima ba lokileng,
le ditsebe tsa hae
di mamela thapelo tsa bona;
sefahleho sa hae se sosobane
se sosobanetse ba etsang bobe.
2017 Motsheanong 10, Laboraru
Tloong,a re itiheleng maotong a hae,
re itihele ka hlompho,
re weng ka mangwele
kapele ho Morena,
Morena, Mmopi wa rona.
2017 Motsheanong 9, Labobedi
Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”2017 Motsheanong 8, Mmantaha
Bakang, le furalle ditshito tsa lona tsohle; kahoo bokgopo bo ke ke ba le timetsa.2017 Motsheanong 7, Sontaha
Motho wa bathoha a ipiletsa ho Morena,
Morena o a mo utlwa,
o mo pholosa
matshwenyehong wohle a hae.
2017 Motsheanong 6, Moqebelo
Motho o dumela ka pelo hore a tle a lokafatswe, mme o bolela tumelo ya hae ka molomo hore a tle a pholoswe.2017 Motsheanong 5, Labohlane
Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.2017 Motsheanong 4, Labone
Modimo ke setshabelo sa ronale matla a rona;
ke thuso e teng kamehla,
thuso matshwenyehong.
2017 Motsheanong 3, Laboraru
Ka nako eo le tla ipiletsa ho nna, le nthapele, mme nna ke tla le mamela.2017 Motsheanong 2, Labobedi
Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona.2017 Motsheanong 1, Mmantaha
Moo ke reng:“Leoto la ka le a thella,”
mohau wa hao
o a ntshehetsa, Morena.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Modimo o itebaditse dinako tsa ho se tsebe ha batho, empa jwale o laela hore kahohle batho bohle ba bake.Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
Eba le lerato, o be le botshepehi,molaleng wa hao o itlame ka tsona;
o di ngole tlapeng la pelo ya hao.
O tla ratwa ke Modimo le batho,
o iketsetse lebitso mahlong a bona.Temana ya go latela!