2017 Phupjane 30, Labohlane
Morena a ke a matlafatsesetjhaba sa hae,
Morena a ke a se hlohonolofatse
ka kgotso.
2017 Phupjane 29, Labone
Jesu a re ho sona: “Eya, tumelo ya hao e o fodisitse.” Hanghang Baretimea a boela a bona, mme a latela Jesu tseleng.2017 Phupjane 28, Laboraru
Modimo ha a a ka a re nea moya wa bokwala, empa o re neile moya wa matla, wa lerato le wa boitshwaro.2017 Phupjane 27, Labobedi
Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa,ba batlang Morena ba ke ke ba hloka,
ba ke ke ba hloka letho le molemo.
2017 Phupjane 26, Mmantaha
Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake.2017 Phupjane 25, Sontaha
Haeba le hlile le mamela lentswe la Morena Modimo wa lona, mme le etsa ho lokileng mahlong a hae; le sekehela ditaelo tsa hae tsebe, le boloka melao yohle ya hae, nke ke ka le otla ka mafu wohle ao ke ileng ka otla Baegepeta ka wona, hobane ke nna Morena, Mofodisi wa hao.2017 Phupjane 24, Moqebelo
Lentswe la haoke lebone maotong a ka,
ke lesedi tseleng ya ka.
2017 Phupjane 23, Labohlane
Jesu a re ho bona: “Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna ha a ka ke a lapa le ka mohla, mme ya dumelang ho nna ha a ka ke a nyorwa le ka mohla.”2017 Phupjane 22, Labone
Batlang Morenaha a sa ntse a ka fumanwa,
ipiletseng ho yena a sa le haufi.
2017 Phupjane 21, Laboraru
Hopola Mmopi wa haoo sa le motjha,
matsatsi a ditsietsi a eso ka a fihla,
ho eso tle dilemo
tseo ka tsona o tla re:
“Ha ke sa thabiswa
ke letho ho tsona!”
2017 Phupjane 20, Labobedi
Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.2017 Phupjane 19, Mmantaha
Ha a se a entswe ya phethehileng, e bile mohlodi wa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang.2017 Phupjane 18, Sontaha
Jwalokaha ntata banaa ba utlwela bohloko,
ka mokgwa o jwalo le Morena
o utlwela ba mo tshabang bohloko.
2017 Phupjane 17, Moqebelo
Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse:“Ha nka ke ka o lahla,
kapa ka o furalla.”
2017 Phupjane 16, Labohlane
Ka baka leo, le ke le tshedisane, mme le matlafatsane, jwalokaha le fela le etsa.2017 Phupjane 15, Labone
Molao wa Morena o phethehile,ke mmusapelo;
temoso tsa Morena di a tshepahala,
di hlalefisa sethoto.
2017 Phupjane 14, Laboraru
Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.2017 Phupjane 13, Labobedi
Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”2017 Phupjane 12, Mmantaha
Tshwara leleme la haole se bue tse mpe,
le molomo wa hao
o se bue leshano.
2017 Phupjane 11, Sontaha
Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.2017 Phupjane 10, Moqebelo
Ena ke taelo ya ka, hore le ratane jwalokaha ke le ratile.2017 Phupjane 9, Labohlane
Kamehlake ntse ke hopotse Morena,
hobane o ka tsohong la ka
le letona,
nke ke ka sisinngwa.
2017 Phupjane 8, Labone
Ka baka leo, Petrose a bolokwa tjhakaneng, empa kereke e ne e mo rapella ho Modimo e tiile.2017 Phupjane 7, Laboraru
Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.2017 Phupjane 6, Labobedi
O setshabelo sa ka le thebe ya ka,ke tshepile lentswe la hao.
2017 Phupjane 5, Mmantaha
Empa se bewang ke Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, mosa, molemo, botshepehi, bonolo le boitshwaro. Tse kang tsena, ha ho molao o ka di thibelang.2017 Phupjane 4, Sontaha
Empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.2017 Phupjane 3, Moqebelo
Wena Morena, o molemo,o a tshwarela;
mohau wa hao o moholo
ho bohle ba ipiletsang ho wena.
2017 Phupjane 2, Labohlane
Ke seo le se bitseditsweng, hobane Kreste le yena o ile a hlokofatswa ka baka la lona, mme a le siela mohlala, hore le tle le hate mehatong ya hae.2017 Phupjane 1, Labone
Ke thabelaho latela ditemoso tsa hao,
ho feta maruo wohle.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...
Temana ya Bibele ya lehono
Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.”Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:
Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gagoTemana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo
O setshabelo sa ka,o tla mphemisa matshwenyeho;
o nteela hare, o a ntopolla.Temana ya go latela!