DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Phupu 2017)

2017 Phupu 31, Mmantaha

Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.

2017 Phupu 30, Sontaha

Morena ke yena
ya tiisang mehato ya batho,
mme o kgahlwa ke metsamao ya bona.

2017 Phupu 29, Moqebelo

Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.

2017 Phupu 28, Labohlane

Jwale tsena tse tharo, e leng tumelo, le tshepo, le lerato, di tla nne di be teng, empa e kgolo ho tsona ke lerato.

2017 Phupu 27, Labone

Letsatsi le le leng
le hlolwang mabaleng a hao,
le molemo ho feta a sekete
a hlolwang hosele.
Ke rata ho ba monyako
wa ntlo ya Modimo wa ka,
ho ena le ho phela
metlotlwaneng ya ba kgopo.

2017 Phupu 26, Laboraru

Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.

2017 Phupu 25, Labobedi

Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”

2017 Phupu 24, Mmantaha

Ke tla o boka ka pelo e hlwekileng,
ha ke se ke ithutile
dikahlolo tsa hao tse lokileng.

2017 Phupu 23, Sontaha

Re phela ka tumelo, e seng ka ho mmona.

2017 Phupu 22, Moqebelo

‘Kgutlelang ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho, ‘le nna ke tla kgutlela ho lona,’ ho rialo Morena wa mabotho.

2017 Phupu 21, Labohlane

Lena ke lona letsatsi
le entsweng ke Morena;
a re nyakalleng,
re thabeng ke hona.

2017 Phupu 20, Labone

Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu, hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste.

2017 Phupu 19, Laboraru

A re ho bona: “Eyang lefatsheng lohle, le phatlalletse dibopuwa tsohle molaetsa o molemo.”

2017 Phupu 18, Labobedi

Baballa pelo ya hao,
e baballe ho feta tsohle,
hobane ke yona diba sa bophelo.

2017 Phupu 17, Mmantaha

Re habile tse sa bonweng, e seng tse bonwang, hobane tse bonwang ke tsa mehla ya jwale, empa tse sa bonweng ke tsa mehla e sa feleng.

2017 Phupu 16, Sontaha

Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?

2017 Phupu 15, Moqebelo

Ke ile ka potlaka, ka se ke ka dieha
ho boloka melao ya hao.

2017 Phupu 14, Labohlane

Ho tloha tlholehong ya lefatshe, tse sa bonweng tsa hae, ke ho re matla a hae a sa feleng le bomodimo ba hae, haesale di bonwa hantle, mme di utlwisiswa ka tse entsweng ke yena. Kahoo ba hloka boitatolo.

2017 Phupu 13, Labone

Haeba le thahasella nnete, ke mang ya ka le etsang hampe?

2017 Phupu 12, Laboraru

Ke rata Morena,
hobane o utlwile thapedi ya ka,
a ntshekehela tsebe,
mohla ke neng ke ipiletsa ho yena.

2017 Phupu 11, Labobedi

Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona.

2017 Phupu 10, Mmantaha

Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.

2017 Phupu 9, Sontaha

Ke wena ya bopileng
bokahare ba ka,
ya kopantseng ditho tsa ka
ke sa le popelong ya mme.
Ke a o boka,
hobane o mpopile
ka mokgwa o makatsang;
mesebetsi ya hao e a hlolla,
hona ke ho tseba hantle.

2017 Phupu 8, Moqebelo

Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.

2017 Phupu 7, Labohlane

Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona.

2017 Phupu 6, Labone

Sejosenyane se molemo
ha se fumanwe ka toka,
ho ena le maruo
a fumanwang ka bolotsana.

2017 Phupu 5, Laboraru

Ya tla dumela, a be a kolobetswe, o tla pholoswa; athe ya sa tlo dumela o tla tsuwa.

2017 Phupu 4, Labobedi

Ke tseba hore na ho kolla ntsi hanong ke eng; ke tseba le hore na ho hafa ka nkatana ke eng. Dinthong tsohle, ka mekgwa yohle, ke ithutile ho phela ka ho kgora le ka ho lapa, ka nala le ka bohloki.

2017 Phupu 3, Mmantaha

Qaleho ya bohlale
ke ho tshaba Morena,
bohle ba sedi ba phela jwalo.
O lokelwa ke thoriso kamehla.

2017 Phupu 2, Sontaha

Motho ya fokolang tumelong le mo amohele, empa le se ke la phea kgang le yena ka tsa maikutlo a hae.

2017 Phupu 1, Moqebelo

Empa Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa, a le sireletse ho E Mobe.

Temana ya Bibele ya lehono

Le lehlohonolo ha batho ba le hloya, le ha ba le tebela, ba le hlapaola, ba kgesa lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora Motho.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Ka boikokobetso bohle, le bonolo, le boiphapanyo, le ka ho mamellana ka lerato.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela