DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Phata 2017)

2017 Phata 31, Labone

Moya wa Morena o hodima ka
hobane a ntlotseditse
ho bolella mafutsana
molaetsa o molemo,
o nthometse
ho phatlalletsa bathopuwa
tsa tokoloho,
le difofu hore di tla tutuboloha,
le ho lokolla ba hateletsweng.

2017 Phata 30, Laboraru

Lona basadi, ikokobeletseng banna ba lona jwalokaha e le tshwanelo, ka baka la Morena.
Lona banna, ratang basadi ba lona, mme le se ke la ba hlonamela.

2017 Phata 29, Labobedi

Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,
thapo e kgwele di tharo
e dieha ho kgaoha.

2017 Phata 28, Mmantaha

Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.

2017 Phata 27, Sontaha

Empa jwalokaha ho ngotswe,
“Tseo leihlo le sa kang la di bona,
tsebe e sa kang ya di utlwa,
le kelello ya motho
e sa kang ya di lekanya,
ke tsona tseo Modimo
a di lokiseditseng ba mo ratang.”

2017 Phata 26, Moqebelo

Ntlo le maruo ke lefa
le fumanwang ho bo-ntata,
mosadi ya bohlale
ke mpho ya Morena.

2017 Phata 25, Labohlane

“Mehopolo ya ka
hase mehopolo ya lona,
tsela tsa lona
hase tsela tsa ka,”
ho rialo Morena.

2017 Phata 24, Labone

Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang. Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.

2017 Phata 23, Laboraru

Mohla tsatsi la thabo
nyakalla le wena,
mohla tsatsi la mahlonoko
ako hopole sena:
Matsatsi ana, bobedi,
a entswe ke Modimo;
kahoo tsa kamoso
motho a ke ke a di tseba.

2017 Phata 22, Labobedi

Empa ha re bolela nnete ka lerato, re tla hola ka mekgwa yohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho.

2017 Phata 21, Mmantaha

Le se ke la ithetsa. Modimo ha a songwe, hobane seo motho a se jalang, ke sona seo a tla se kotula.

2017 Phata 20, Sontaha

Ke ya metsamao e se nang kodi,
ya etsang tse lokileng;
ya buang nnete
e tswang pelong ya hae,
ya sa etseletseng ka leleme la hae,
ya sa etseng mohahabo hampe,
ya sa tlameletseng wa habo.

2017 Phata 19, Moqebelo

Efela ntlo e nngwe le e nngwe e na le sehahi sa yona, mme sehahi sa tsohle ke Modimo.

2017 Phata 18, Labohlane

Le tla halalela le be batho ba ka, hobane nna, Morena, ke a halalela. Ke le kgaohantse le baditjhaba, hore le tle le be ba ka.

2017 Phata 17, Labone

Ke tla phela ka bolokolohi,
hobane ke thahasella ditaelo tsa hao.

2017 Phata 16, Laboraru

Ke kgodisehile hore leha e le lefu kapa bophelo, leha e le mangeloi, leha e le meya e meng e busang kapa e matla, leha e le tse teng kapa tse tlang ho ba teng, leha e le tse hodimo kapa tse tlase, leha e le sebopuwa sefe kapa sefe, di ke ke tsa re arohanya le lerato la Modimo, leo a re bontshitseng lona ka Kreste Jesu, Morena wa rona.

2017 Phata 15, Labobedi

Jwale, kaha re tseba hore o a re utlwa ha re kopa, re a tseba hore tseo re di kopang ho yena e se e ntse e le tsa rona.

2017 Phata 14, Mmantaha

Morena ke lesedi la ka
le pholoho ya ka;
nka tshaba mang?
Morena ke setshabelo
sa bophelo ba ka;
nka tshoha mang?

2017 Phata 13, Sontaha

Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.

2017 Phata 12, Moqebelo

Le phele ka bolokolohi; feela le se ke la bo sebedisa e le lesira le patang bobe, le mpe le phele le le bahlanka ba Modimo.

2017 Phata 11, Labohlane

Tsela tsa Modimo di phethehile,
tshepiso tsa Morena ke tsa nnete;
yena ke thebe
ya bohle ba tshabelang ho yena.

2017 Phata 10, Labone

Ebang le maikutlo ana a neng a le ho Kreste Jesu.

2017 Phata 9, Laboraru

Empa kajeno le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a Modimo, le kotula tse le halaletsang, mme qetello ya tsona ke bophelo bo sa feleng.

2017 Phata 8, Labobedi

O tla o kwahela ka masiba a hae,
o tshabele tlasa mapheo a hae.
Botshepehi ba hae
ke thebe le thejana.

2017 Phata 7, Mmantaha

Le dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse botebong ba lefatshe, le tse lewatleng, tsohle tse ho tsona ka di utlwa di re: “Ho ya dutseng teroneng le ho Konyana e be thoriso, le hlompho, le tlotla, le matla, kamehla le mehla.”

2017 Phata 6, Sontaha

Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse. O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale.

2017 Phata 5, Moqebelo

Pholoho ya ka
e tswa ho Modimo,
le tlotla ya ka
e tswa ho yena,
ke yena lefika la ka le matla;
Modimo ke setshabelo sa ka.

2017 Phata 4, Labohlane

Ke le siela kgotso, ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fanang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane, leha e le ho ba boi.

2017 Phata 3, Labone

Ha ba ka ke ba hlola ba lapa
kapa ba nyorwa;
ha ba sa tla tjheswa ke letsatsi,
kapa lebatama lefe kapa lefe,
hobane Konyana
e bohareng ba terone
e tla ba disa,
e ba ise didibeng
tsa metsi a bophelo.
Modimo o tla hlakola
meokgo yohle mahlong a bona.

2017 Phata 2, Laboraru

Morena, ke tla o boka hara ditjhaba,
ke o roke hara merabe.

2017 Phata 1, Labobedi

Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.

Temana ya Bibele ya lehono

Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela