DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Leotshe 2017

2017 Leotshe 30, Moqebelo

O tla le ruisa kahohlehohle, hoo le ka tsebang ho fana ka matsoho a mabedi. Ka rona, hona ho tla tswala teboho e iswang ho Modimo.

2017 Leotshe 29, Labohlane

Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le ba hlohonolofatse, le se ke la ba rohaka.

2017 Leotshe 28, Labone

Pelong tsa ba rerang bobe
ho tletse thetso,
empa tsa ba rerang kgotso
tsona di tletse thabo.

2017 Leotshe 27, Laboraru

Jesu a re ho yena: “O re, ‘haeba o ka etsa!’ Tsohle di ka etsahala ho ya dumelang!”

2017 Leotshe 26, Labobedi

Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.

2017 Leotshe 25, Mmantaha

O tla mpontsha tsela ya bophelo;
thabo e kgaphatsehang
e fumanwa ho wena,
ho ba ka tsohong la hao le letona
ke monyaka o sa feleng.

2017 Leotshe 24, Sontaha

Lebone le lona ha le ke be le hotetswe le kwahelwe ka nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, le kgantshetse bohle ba ka tlung. Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.

2017 Leotshe 23, Moqebelo

Morena ke Moya, mme moo Moya wa Morena o leng teng tokoloho e teng.

2017 Leotshe 22, Labohlane

Ha ho ya halalelang
jwaloka Morena,
hobane ha ho e mong
kantle ho wena,
ha ho mosireletsi
ya kang Modimo wa rona.

2017 Leotshe 21, Labone

Hlompha bahlolohadi ba se nang le moneketsela.

2017 Leotshe 20, Laboraru

Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.

2017 Leotshe 19, Labobedi

Ditloholwana ke mofapahlooho,
mofapahlooho a boraputswe,
bana ba ithaba
ka batswadi ba bona.

2017 Leotshe 18, Mmantaha

Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.

2017 Leotshe 17, Sontaha

Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.

2017 Leotshe 16, Moqebelo

Pelo e thabileng
e tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele.

2017 Leotshe 15, Labohlane

Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu.

2017 Leotshe 14, Labone

Ka letsatsi la ho qetela, e leng le leholo la mokete, Jesu a ema, a howa, a re: “Ha motho a nyorilwe, a tle ho nna, a nwe.”

2017 Leotshe 13, Laboraru

O nnea thebe ya hao e pholosang,
letsoho la hao le letona
le a ntshehetsa,
paballo ya hao e a nkgodisa.
O ntlhekela tsela e batsi,
maoto a ka ha a thelle.

2017 Leotshe 12, Labobedi

Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.

2017 Leotshe 11, Mmantaha

Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.

2017 Leotshe 10, Sontaha

Iphumanele bohlale,
iphumanele kutlwisiso,
se lebale polelo tsa ka,
o se di kgelohe.

2017 Leotshe 9, Moqebelo

Jwang bo a pona,
palesa di foforehe,
empa ntswe la Modimo wa rona
le hlola kamehla.

2017 Leotshe 8, Labohlane

Ebe motho a ka boellwa ke eng, haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae?

2017 Leotshe 7, Labone

Morena o na le nna,
ha ke tshabe letho;
motho a ka nketsang?

2017 Leotshe 6, Laboraru

Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla.

2017 Leotshe 5, Labobedi

Ya kgopo
a furalle ditsela tsa hae,
molotsana
a furalle mehopolo ya hae,
a sokolohele ho Morena wa hae,
mme Morena o tla mo hauhela;
a sokolohele ho Modimo wa rona,
hobane yena o tshwarela haholo.

2017 Leotshe 4, Mmantaha

Boikakaso ba motho bo a mo diha,
empa boikokobetso
bo mo tlisetsa hlompho.

2017 Leotshe 3, Sontaha

Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!

2017 Leotshe 2, Moqebelo

Jesu a re ho bona hape: “Kgotso e be le lona; jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke a le roma.”

2017 Leotshe 1, Labohlane

Lebella Morena, o be sebete;
tiya pelo, o lebelle Morena.