2019 Phupjane 30, Sontaha
Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.2019 Phupjane 29, Moqebelo
Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe.2019 Phupjane 28, Labohlane
Mohau wa hao o molemoho feta bophelo,
molomo wa ka o tla o rorisa.
Ke tla o boka ha ke ntse ke phela,
ke phahamise matsoho a ka,
ke a phahamisetse ho wena.
2019 Phupjane 27, Labone
Ya hlolang ke yena ya tla apeswa diaparo tse tshweu; ha nka ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, mme ke tla mo paka pela Ntate le pela mangeloi a hae.2019 Phupjane 26, Laboraru
Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong.2019 Phupjane 25, Labobedi
Ho fumana bohlaleho molemo ho feta kgauta,
ho fumana kutlwisiso
ho molemo ho feta silefera.
2019 Phupjane 24, Mmantaha
Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.2019 Phupjane 23, Sontaha
Se ahloleng ba bang, hore Modimo a tle a se ke a le ahlola.2019 Phupjane 22, Moqebelo
Ha pelo ya ka e touta haholo,matshediso a hao
a hlabolla moya wa ka.
2019 Phupjane 21, Labohlane
Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.2019 Phupjane 20, Labone
Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.2019 Phupjane 19, Laboraru
Ba tshepahalangba tataiswa ke botshepehi ba bona,
ba sa tshepahaleng bona ba timela,
ba timetswa
ke ho se tshepahale ha bona.
2019 Phupjane 18, Labobedi
Hobane le a tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho tswala mamello.2019 Phupjane 17, Mmantaha
Dintho tsohle di bile teng ka lona, mme ha ho letho le bileng teng haese ka lona.2019 Phupjane 16, Sontaha
Jwalokaha ntata banaa ba utlwela bohloko,
ka mokgwa o jwalo le Morena
o utlwela ba mo tshabang bohloko.
2019 Phupjane 15, Moqebelo
Tsebelang ka dipelong tsa lona hore, jwalokaha ntata a kgalemela mora wa hae, le Morena Modimo wa lona, o le kgalemela jwalo.2019 Phupjane 14, Labohlane
Mosa wa lona o ke o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.2019 Phupjane 13, Labone
Ya tsamayang le bahlalefio a hlalefa,
molekane wa dithoto
yena o a thotofala.
2019 Phupjane 12, Laboraru
Motho o dumela ka pelo hore a tle a lokafatswe, mme o bolela tumelo ya hae ka molomo hore a tle a pholoswe.2019 Phupjane 11, Labobedi
Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.2019 Phupjane 10, Mmantaha
Boikokobetso le ho tshaba Morenadi tlisa leruo le tlotla le bophelo.
2019 Phupjane 9, Sontaha
Ha letsatsi la Pentekonta le fihla, bohle ba ne ba phuthehetse sebakeng se le seng. Hanghang ha eba le modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o matla, mme wa tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka ho yona.2019 Phupjane 8, Moqebelo
Jesu a re: “Lesang bana ba tle ho nna. Le se ke la ba thibela ho tla ho nna, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa ba jwaloka bona.”2019 Phupjane 7, Labohlane
Moo ke reng:“Leoto la ka le a thella,”
mohau wa hao
o a ntshehetsa, Morena.
2019 Phupjane 6, Labone
Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla. Ha re ratana, Modimo o phela ka ho rona, mme lerato la hae le phethehile ka ho rona.2019 Phupjane 5, Laboraru
A re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona.2019 Phupjane 4, Labobedi
Ho etsa ho lokilengle ho phetha toka
ho amoheleha ho Morena
ho feta sehlabelo.
2019 Phupjane 3, Mmantaha
Le se ke la ba le molato wa letho ho motho, haese wa ho ratana, hobane ya ratang wa habo o phethile Molao ka ho tlala.2019 Phupjane 2, Sontaha
Boholo, le matla, le tlotlake tsa hao, Morena,
le tlholo, le botlotlehi.
Tsohle tse lehodimong le lefatsheng
ke tsa hao;
mmuso ke wa hao, Morena,
ke wena hlooho,
o phahametse tsohle.
2019 Phupjane 1, Moqebelo
Modimo ke setshabelo sa ronale matla a rona;
ke thuso e teng kamehla,
thuso matshwenyehong.
Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...