2019 Motsheanong 31, Labohlane
Ho lehlohonolo ba bopang kgotso,hobane ba tla bitswa
bana ba Modimo.
2019 Motsheanong 30, Labone
Yare hoba a bue tsena, a nyollelwa hodimo ba ntse ba mo shebile, mme leru la mo tlosa mahlong a bona.2019 Motsheanong 29, Laboraru
O se ipone o le bohlale,tshaba Morena, o sesefe bobe.
O tla phela hantle mmeleng,
masapo a hao a tiye.
2019 Motsheanong 28, Labobedi
“Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.2019 Motsheanong 27, Mmantaha
Ka nako eo le tla ipiletsa ho nna, le nthapele, mme nna ke tla le mamela.2019 Motsheanong 26, Sontaha
Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi,nke ke ka tshaba bobe,
hobane o na le nna,
lere la hao le molamu wa hao
di a nkgothatsa.
2019 Motsheanong 25, Moqebelo
Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.2019 Motsheanong 24, Labohlane
Ha e mong a lla ka e mong le mamellane, mme le tshwarelane jwalokaha le Morena a le tshwaretse.2019 Motsheanong 23, Labone
Molomong wa kaho tletse thoriso ya hao,
le tlotliso ya hao kamehla.
2019 Motsheanong 22, Laboraru
Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.2019 Motsheanong 21, Labobedi
O se ke wa tshaba,hobane ke na le wena,
o se tsielehe,
hobane ke Modimo wa hao.
Ke tla o matlafatsa,
ke be ke o thuse,
ke o tshehetse
ka tsoho la ka le letona,
ka tsoho le letona
le etsang ho loka.
2019 Motsheanong 20, Mmantaha
Ho lehlohonolo bohle,bohle ba tshabang Morena,
ba tsamayang ditseleng tsa hae.
2019 Motsheanong 19, Sontaha
Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.2019 Motsheanong 18, Moqebelo
Ha o tshela hara madibake tla ba le wena;
ha o tshela dinoka
ha di ka ke tsa o nka.
Ha o tsamaya hara mollo
ha o ka ke wa tjha,
malakabe ha a ka ke a o tjhesa.
2019 Motsheanong 17, Labohlane
Bonang, ho hotle,ho monate hakaakang,
ha bana ba motho
ba phedisana ka kgotso!
2019 Motsheanong 16, Labone
Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso.2019 Motsheanong 15, Laboraru
Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, la hore motho a telle metswalle ya hae bophelo ba hae.2019 Motsheanong 14, Labobedi
Mora wa ka,se nyedise kgalemelo ya Morena,
se kgathale ha a o laya,
hoba Morena o kgalema
eo a mo ratang,
sa ntata, ngwaneng eo a mo ratang.
2019 Motsheanong 13, Mmantaha
Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo.2019 Motsheanong 12, Sontaha
“Na mosadi a ka lebala lesealeo a le anyesang,
a se ka hauhela ngwana
wa popelo ya hae?
Leha yena a ka lebala,
nna ha nka ke ka o lebala!”
Bona! ke ngotse bitso la hao
kahara diatla tsa ka,
marako a hao
ke ntse ke a bona kamehla.
2019 Motsheanong 11, Moqebelo
Ha ba lokileng ba lla,Morena o a ba utlwa;
o ba lopolla
matshwenyehong wohle a bona.
Morena o haufi
le ba feletsweng ke tshepo,
o pholosa ba meya e tetebetseng.
2019 Motsheanong 10, Labohlane
Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.2019 Motsheanong 9, Labone
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo le Modimo wa matshediso wohle. O re tshedisa matshwenyehong wohle a rona, e le hore le rona re tle re tsebe ho tshedisa bohle ba matshwenyehong, ka matshediso ao le rona re tshediswang ka wona ke Modimo.2019 Motsheanong 8, Laboraru
Ya kgopo o a adima,empa ha a busetse;
ya lokileng o na le mohau, o a fana.
2019 Motsheanong 7, Labobedi
Modimo o na le matla a ho le atisetsa dineo tsohle tsa hae, e le hore, kamehla, le tle le be le ho lekaneng dinthong tsohle, le be le ngatafallwe haholo, hoo le ka tsebang ho etsa mesebetsi yohle e molemo.2019 Motsheanong 6, Mmantaha
Modimo o tla putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae.2019 Motsheanong 5, Sontaha
Morena o tla o sireletsa,a o sireletse bobeng bohle,
a baballe bophelo ba hao.
Morena o tla o lebela
ha o eya le ha o kgutla,
ho tloha jwale le kamehla yohle.
2019 Motsheanong 4, Moqebelo
Hobane Morena Modimo wa lona, o mosa, o mohau. A ke ke a le furalla, ha le kgutlela ho yena.2019 Motsheanong 3, Labohlane
Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.2019 Motsheanong 2, Labone
Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena,ka se ke ka pata molato wa ka;
ka re: “Ke tla ipolela
ditlolo tsa ka ho Morena;”
wena wa ntshwarela molato
wa sebe sa ka.
2019 Motsheanong 1, Laboraru
Kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...