DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Mmese 2019)

2019 Mmese 30, Labobedi

Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.

2019 Mmese 29, Mmantaha

Ntlhahlobe, Modimo,
o tsebe pelo ya ka;
o nnonye maikutlo,
o tsebe mehopolo ya ka;
o bone hore na ke tseleng e mpe,
o ntsamaise tseleng
ya kamehla yohle.

2019 Mmese 28, Sontaha

Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”

2019 Mmese 27, Moqebelo

Re ka ya ho Modimo ka sebete, hobane, ha re kopa ho hong ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa.

2019 Mmese 26, Labohlane

Ya lalang diphoso ka mmele
o qeka ho ratwa,
athe ya di pepesang
yena o senya setswalle.

2019 Mmese 25, Labone

Le lona banna, le phedisane le basadi ba lona, le ntse le tseba hore ba fokola ho le feta. Le ba hlomphe hobane le bona, hammoho le lona, ke majalefa a bophelo boo Modimo a le neang bona. Etsang hona e le hore dithapelo tsa lona di tle di se ke tsa sitiswa.

2019 Mmese 24, Laboraru

Baratuwa, ha e le moo Modimo a re ratile jwalo, le rona re tshwanetse ho ratana.

2019 Mmese 23, Labobedi

Molomo wa ka o tla howa ka thabo,
o howe ha ke o roka,
le wona moya wa ka
oo o o lopolotseng.

2019 Mmese 22, Mmantaha

Pele ho tsohle, ke le neile seo nna ke se amohetseng, e leng hore Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona, ho ya kamoo Mangolo a bolelang kateng, le hore o ile a patwa, a ba a tsoha bafung ka tsatsi la boraro.

2019 Mmese 21, Sontaha

Ha a yo mona, o tsohile bafung. Hopolang kamoo a neng a le bolelle kateng a sa le Galelea, ha a re: ‘Eka kgona Mora Motho a neelwe matsohong a baetsadibe, mme a thakgiswe, a nto tsoha ka tsatsi la boraro.’

2019 Mmese 20, Moqebelo

Morena o tla phetha
seo a ntheretseng sona.
Morena, mohau wa hao
ke wa kamehla yohle;
o se lahle
mosebetsi wa diatla tsa hao.

2019 Mmese 19, Labohlane

O ila hlajwa
ka baka la ditshito tsa rona,
a tetetswa
ka baka la dibe tsa rona,
kotlo e re tlisetsang kgotso
ya mo wela hodimo,
ra fodiswa ke maqeba a hae.

2019 Mmese 18, Labone

Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.

2019 Mmese 17, Laboraru

Motho ya kgopo o duka kgotso,
mosebi yena o qabanya metswalle,
metswalle ya hlooho ya kgomo.

2019 Mmese 15, Mmantaha

O boloka kgotso
ya ba maikutlo a tsitsitseng,
hobane bona ba fela ba o tshepile.

2019 Mmese 14, Sontaha

Oho, Morena, ako re pholose!
Oho, Morena, ako re atlehise!
Ho bokwe ya tlang
ka bitso la Morena:
Re le hlohonolofatsa
re le ka tlung ya Morena.

2019 Mmese 13, Moqebelo

Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.

2019 Mmese 12, Labohlane

Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya, e le hore, ka tumelo, Kreste a ahe ka dipelong tsa lona. Le tsitse, le tiye leratong.

2019 Mmese 11, Labone

Motho wa nnete
o tsamaya a sireletsehile,
ya se nang nnete, yena o tla senolwa.

2019 Mmese 10, Laboraru

Bakang, mme le phele, hobane ha ho eo ke thabelang lefu la hae, ho rialo Morena Modimo.

2019 Mmese 9, Labobedi

‘Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.’

2019 Mmese 8, Mmantaha

A ke a o fe
se ratwang ke pelo ya hao,
a phethahatse merero yohle ya hao.

2019 Mmese 7, Sontaha

Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. Le se ke la fa Diabolosi monyetla.

2019 Mmese 6, Moqebelo

Kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halaleditsweng, ba ratwang ke yena, ebang le kutlwelobohloko, le mosa, le boikokobetso, le bonolo, le boiphapanyo.

2019 Mmese 5, Labohlane

Morena o beile leihlo la hae
ho ba lokileng,
o sekehetse sello sa bona tsebe.

2019 Mmese 4, Labone

Jwalokaha bohle ba eshwa ka baka la Adama, bohle ba tla boela ba phela ka baka la Kreste.

2019 Mmese 3, Laboraru

Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.

2019 Mmese 2, Labobedi

Ha e le nna ke tla bina,
ke rorise matla a hao,
e sa le hosasa ke tla bolela,
ke bolele tsa mohau wa hao
ke di bolele ka mehoo ya thabo,
hobane o bile qhobosheane ya ka,
o bile setshabelo sa ka
mohla tsatsi
la matshwenyeho a ka.

2019 Mmese 1, Mmantaha

Jesu a araba, a re ho yena: “Haeba o batla ho phetheha, eya, o rekise maruo a hao, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele.”

Temana ya Bibele ya lehono

Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse. O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale.Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela