Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.
Jwale tsena tsohle di etsahetse hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta, ha a re: “Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona.
Baratuwa, le se ke la iphetetsa, le mpe le siele kgalefo ya Modimo sebaka, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa,” ho rialo Morena.
Morena o tla nne a ntopolle mesebetsing yohle e kgopo, a mpholose, a nkise Mmusong wa hae wa lehodimo. Tlotla e ke e be ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!
Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.
Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.