- Ho lehlohonolo
ba latelang ditemoso tsa hae,
ba mmatlang
ka pelo tsohle tsa bona. - Kahoo fedisa matshwenyeho
a pelo ya hao,
o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao,
hoba bongwana le botjha
ke mafeelafeelane. - Ke tla o boka ka pelo e hlwekileng,
ha ke se ke ithutile
dikahlolo tsa hao tse lokileng. - Ho feha matshwafo
ho nyahamisa pelo ya motho,
polelo e monate yona e a e thoba. - Mpee fubeng sa hao
jwaloka setempe,
jwaloka lesekana
nthwale tsohong la hao,
hoba matla a lerato
a tshwana le a lefu,
sehloho sa lefufa
se tshwana le sa lebitla.
Lerato le tuka sa kganare
e tlola ditlhase,
jwaloka tetema e laima malakabe! - Tshepo e sa phethahaleng
e nyahamisa pelo,
takatso tse phethahatswang
di ka fate sa bophelo. - Feela le ele hloko, le boloke taelo le molao oo Moshe mohlanka wa Morena, a le laetseng wona: Le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsohle tsa hae, le boloke melao ya hae, le mo kgomarele, le mo sebeletse ka dipelo tsa lona tsohle, le ka moya wa lona wohle.
- Bana beso, hlokomelang, esere mohlomong e mong wa lona a ba le pelo e mpe, e hanang ho dumela, e mo arohanyang le Modimo ya phelang.
- Ke bolokile tshepiso ya hao,
ka e boloka ka pelong ya ka,
hore ke se ke ka o sitelwa. - Ha e le nna,
ke tshepile mohau wa hao;
pelo ya ka e ke e nyakalle
hobane o mpholositse. - Mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.
- Ditemoso tsa hao
ke lefa la ka la mehla yohle,
ke thabo ya pelo ya ka. - Pelo tsa lona di ke di swabe,
ho ena le ho hahola
diaparo tsa lona.
Kgutlelang ho Morena,
Morena Modimo wa lona,
hobane o mosa, o mohau,
o dieha ho halefa,
o tletse lerato,
o hauhela ba etsang bokgopo. - Eya, o itjelle dijo ka thabo,
o inwelle veine o nyakaletse,
hoba Modimo o sa kgahlisitswe
ke ketso tsa hao. - Mora wa ka,
mamela mantswe ana a ka,
o sekehele polelo tsa ka tsebe.
Polelo tsa ka o se di lebale,
o di boloke ka pelong ya hao. - Mora ka, haeba o le bohlale,
le nna ke tla thaba. - Nthute tsela ya hao Morena,
ke tle ke tsamaye nneteng ya hao;
tataisetsa pelo ya ka
tshabong ya lebitso la hao. - “Hona jwale,” ho rialo Morena,
“kgutlelang ho nna
ka pelo tsa lona tsohle,
ka ho itima dijo,
ka meokgo le ka dillo.” - Ruta pelo ya ka ditemoso tsa hao,
ho ena le ho rata maruo. - A re ho bona: “Na le lona le hloka kutlwisiso? Na ha le elellwe hore ntho e nngwe le e nngwe e tswang kantle ha e kena ka ho motho e sitwa ho mo silafatsa, hobane ha e kene ka pelong ya hae, empa e kena ka maleng, e nto tswela mohlabeng?” Ka ho rialo a bolela ho hlweka ha dijo tsohle.
- Leha nka dikanelwa ke mara,
nke ke ka tshoha letho;
esita leha nka futuhelwa,
le teng ke tla nne ke be le tshepo. - Morena, ke o boka
ka pelo ya ka yohle,
ke bolela dimakatso tsohle tsa hao. - Le utlwile hore ho ile ha thwe: ‘O se ke wa feba.’ Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.
- Bonang, kajeno le nna ke ya boyabatho. Botebong ba dipelo tsa lona, le maikutlong a lona, le tseba hantle hore ha ho ntho le e nngwe ya dintho tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa lona, a le tshepisitseng tsona, e sa kang ya phethahala. Tsohle di phethahetse, ha ho le e nngwe e sa kang ya phethahala.
- Ke yena feela lefika la ka
le pholoho ya ka;
ke qhobosheane ya ka,
nke ke ka sisinyeha.
Dihlogotaba tša go tswalana
Molao
Mantswe ana ao ke...
Bophelo
Morena o tla o...
Lerato
Lerato le na le...
Lethabo
Thabang kamehla, se phetseng...
Tshepo
Tshepa Morena ka pelo...
Moya
Empa ha le le...