Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.
Ka baka leo, ke a le bolella, batho ba ka tshwarelwa sebe se seng le se seng le nyefolo e nngwe le nngwe, empa ha e le nyefolo e nyefolang Moya o Halalelang, ba ke ke ba e tshwarelwa.
Ha le ema ho etsa thapelo, eba le na le disuwa le motho, le mo tshwarele, e le hore Ntata lona ya mahodimong le yena a tle a le tshwarele diphoso tsa lona.
Ha re se re entswe ntho e le nngwe le Kreste ka lefu le tshwanang le la hae, re tla ba jwalo le ka tsoho e tshwanang le ya hae. Re a tseba hore botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore boleng ba rona bo buswang ke sebe bo timetswe, re tle re se hlole re eba makgoba a sebe.
Jwale Petrose a tla ho yena, a re: “Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa ke tla mo tshwarela hakae? Hasupa na?” Jesu a re ho yena: “Ke re ho wena e seng hasupa, empa ha mashome a supileng hasupa.”
Na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?
Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.
Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.
Ka baka leo, jwalokaha sebe se ile sa busa ka lefu, ka mokgwa o jwalo mohau o busa ka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.
Na hara lona ho teng ya kulang? A ke a bitse baholo ba kereke, hore ba tle ba mo tlotse ka ole ba ntse ba mo rapella ka lebitso la Morena. Thapelo e etswang ka tumelo e tla fodisa mobabi, mme o tla tsoswa diphateng ke Morena. Ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.
Empa mpho ya mohau ha e jwaloka tshito, hobane ha e le moo bohle ba ile ba shwa ka tshito ya motho eo a le mong, mohau wa Modimo le mpho e filweng bohle ka mohau wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, tsona di kgolo ho feta hakaakang!
Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme Ntate ke molemi. Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng ditholwana, o a le poma, mme le leng le le leng le behang ditholwana, o a le faola, hore le tle le behe ditholwana tse ngata ho feta.
Jwale mesebetsi ya botho e totobetse: Ke bohlola, diketso tse ditshila, tse manyala, tshebeletso ya medimo ya bohata, boloi, bora, diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diphapang, dikgaohano, mona, botahwa, bonyollo, le tse ding tse jwalo. Jwalokaha nkile ka le bolella e sa le pele, ke sa boela ke le bolella hape hore ba etsang tse jwalo e ke ke ya eba majalefa a Mmuso wa Modimo.
Morena Modimo a re: “Bonang, motho o se a tshwana le e mong wa rona, ka ho tseba botle le bobe! Jwale a se tshohe a otlolla letsoho la hae, a kgola le sona sefate sa bophelo, a eja, mme a phela kamehla yohle!” Yaba Morena Modimo o mo ntsha serapeng sa Edene, hore a yo lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.
A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, a re: “Nwelang ho sona bohle, hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.”
Feela ho ke ho tsejwe hore molao ha o a etsetswa ba lokileng, empa o etseditswe ba sa lokang le ditlokotsebe, ba kgopo le baetsadibe, ba sa halaleleng le ba sebeletsang lefatshe, ba bolayang bo-ntata bona le bo-mma bona, ba bolayang batho, dihlola, ba janang maotwana, ba rekisang makgoba, ba leshano, ba ikanang ka leshano, le bohle ba etsang eng kapa eng e fapaneng le thuto ya nnete. Thuto ena ke e dumellanang le molaetsa o molemo oo ke o tshepetsweng, o tswang ho Modimo ya tlotlehang, ya lehlohonolo.