Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.
Jwale, Iseraele, seo Morena Modimo wa hao, a se batlang ho wena ke sefe haese hore o tshabe Morena Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae tsohle, o mo rate, o sebeletse Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle; o boloke melao ya Morena, le ditaelo tsa hae tseo ke o laelang tsona kajeno, hore o tle o atlehe?
Ha e le lona ba hlomphang lebitso la ka, letsatsi la ho loka le tla le tjhabela ka mahlasedi a lona a fodisang. Lona le tla tswa, le thale jwaloka manamane a buletsweng ka sakeng.
Oho, e se eka dipelo tsa sona di ka ba tjena kamehla, sa ntshaba, sa boloka melao yohle ya ka, e le hore sona, le bana ba sona, se tle se atlehe kamehla yohle!
Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.
Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.