Bohle ba kenang tlhodisanong ba thapisa mmele ya bona. Empa bona ba etsa jwalo hore ba tle ba fumane mofapahlooho o senyehang; athe rona re etsa jwalo hore re tle re fumane o sa senyeheng.
Ho lehlohonolo motho ya itshepetseng Morena, eo tshepo ya hae e leng yena Morena. O tla tshwana le sefate se lemilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang pela molatswana. Ha se ke se tshoswa ke ho fihla ha lebatama, mahlaku a sona a matalana kamehla, ka nako ya komello ha se ke se tshwenyeha, kamehla se beha ditholwana tsa sona.
Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.
Ha re a ka ra tla le letho lefatsheng, ka mokgwa o jwalo ha re ka ke ra nka letho ho lona ha re tloha. Ha re ena le dijo le diaparo, re di kgotsofalle.
Hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.
Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao. O tla ratwa ke Modimo le batho, o iketsetse lebitso mahlong a bona.
Nehemia a re ho sona: “Itsamaeleng, le yo ja dijo tse monate, le nwe tse maphodi, mme le abele ba hlokang, hobane letsatsi lena ke le halalelang ho Morena wa rona. Le se ke la swaba, hobane thabo ya Morena ke yona e tla le matlafatsa.”
Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.
Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.
Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong.
Ya nang le ditaelo tsa ka, mme a di boloka, ke yena ya nthatang; ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.
Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.