2019 Phesekgong 31, Labone
Ho lehlohonolo ba mahlomoleng,hobane ba tla tshediswa.
2019 Phesekgong 30, Laboraru
Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya.2019 Phesekgong 29, Labobedi
Polelo tsa ya kgopodi timetsa mohahabo,
empa ya lokileng
yena o pholoswa ke tsebo.
2019 Phesekgong 28, Mmantaha
Morena o molemo, ke setshabelo;ke setshabelo
mohla tsatsi la ditlokotsi,
ba mo tshepang o a ba sireletsa.
2019 Phesekgong 27, Sontaha
Hoba a dule, a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a rata ho ba wa pele, e be wa ho qetela ho bohle le mosebeletsi wa bohle.”2019 Phesekgong 26, Moqebelo
Ho molemo ho tshabela ho Morena,ho ena le ho tshepa motho.
2019 Phesekgong 25, Labohlane
Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”2019 Phesekgong 24, Labone
Rona re na le lerato, hobane yena o re ratile pele.2019 Phesekgong 23, Laboraru
Ha o re maruo hedi!o tla bona a sa nyametse,
hobane a tla fela a mele mapheo,
a fofele hodimo sa ntsu,
sa ntsu e le sepakapakeng.
2019 Phesekgong 22, Labobedi
Ka baka lena, lekang ka matla ho eketsa tse kgabane tumelong ya lona, le eketse tsebo, ho tse kgabane tsa lona, mme tsebong ya lona le eketse boitshwaro, boitshwarong le eketse mamello, mamellong le eketse borapedi, borapeding le eketse setswalle sa boena, mme setswalleng sa boena le eketse lerato.2019 Phesekgong 21, Mmantaha
Wena o tla sebeletsa Morena Modimo wa hao; yena o tla hlohonolofatsa bohobe ba hao le metsi ao o a nwang, mme nna ke tla fedisa malwetse hara lona.2019 Phesekgong 20, Sontaha
Ba ratang Molao wa haoba na le kgotso e phethehileng,
ha ho na se ka ba kgopang.
2019 Phesekgong 19, Moqebelo
Jwalokaha ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong yohle ya lona,hobane ho ngotswe, ho thwe: “Le halalele, hobane le nna ke a halalela.”
2019 Phesekgong 18, Labohlane
Oho, Morena,ke wena Modimo wa ka,
ke tla o tlotla,
ke rorise lebitso la hao,
hobane wena o entse dimakatso,
merero ya hao ya kgale
e a tshepeha, ke ya nnete.
2019 Phesekgong 17, Labone
Metswalle mmotwanae isa motho timelong,
wa sebele yena o tshepahala
ho feta ngwanabo motho.
2019 Phesekgong 16, Laboraru
Le se ke la rata lefatshe le tsa lona. Haeba motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ka ho yena.2019 Phesekgong 15, Labobedi
Ha motho a ntshebeletsa, a ntatele, mme moo ke leng teng, le mosebeletsi wa ka o tla ba hona teng; ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.2019 Phesekgong 14, Mmantaha
Morena, ke o bokaka pelo ya ka yohle,
ke bolela dimakatso tsohle tsa hao.
2019 Phesekgong 13, Sontaha
Ho se be ya ipatlelang tse molemo, empa e mong a batlele e mong tse molemo.2019 Phesekgong 12, Moqebelo
Ho Kgosi ya mehla yohle, ho Modimo ya sa shweng, ya sa bonweng, ya inotshi, e be hlompho le tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!2019 Phesekgong 11, Labohlane
Ho tshaba Morenake ho hloya bobe,
ke hloile boikgohomoso,
ke hloile le boikakaso,
boitshwaro bo bobe le leshano
le tsona ke di hloile.
2019 Phesekgong 10, Labone
Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.2019 Phesekgong 9, Laboraru
Ke ka baka leo re leng sebete ho re:“Morena ke mothusi wa ka,
nke ke ka tshaba letho.
Motho a ka nketsang?”
2019 Phesekgong 8, Labobedi
Mahlomola a ya lokileng a mangata,empa Morena o mo lopolla
ho wona wohle.
2019 Phesekgong 7, Mmantaha
Lerato le na le mamello, lerato le mosa; ha le na mohono, ha le na boikakaso, ha le na boikgohomoso, ha le na mekgwa e mebe, ha le ikgopolele, ha le halefe, ha le na disuwa.2019 Phesekgong 6, Sontaha
Le tla boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae, tseo ke le laelang tsona kajeno, e le hore lona, le bana ba lona, le tle le atlehe, mme le phele halelele naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, hore e be ya lona kamehla yohle.2019 Phesekgong 5, Moqebelo
Morena o na le kutlwelobohloko,Morena o mosa;
o dieha ho halefa, o tletse mohau.
2019 Phesekgong 4, Labohlane
Thabang kamehla, se phetseng ho rapela, lebohang dinthong tsohle, hobane tsena ke tsona tseo Modimo a ratang hore le di etse ka Kreste Jesu.2019 Phesekgong 3, Labone
Le lehlohonolo ha le hlapaolwa, le hloriswa, le etseletswa ka mekgwa yohle ka baka la ka.2019 Phesekgong 2, Laboraru
Ya arabang ka boikokobetsoo tima kgalefo,
empa polelo e kgahlapetsang
e baka bohale.
2019 Phesekgong 1, Labobedi
Hlahlobang tsohle, le boloke tse ntle, mme le sesefe bobe ba mofuta ofe kapa ofe.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...