DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Ditemana tša Bibele tša go bolela ka Bophelo

  • Morena o tla o sireletsa,
    a o sireletse bobeng bohle,
    a baballe bophelo ba hao.
    Morena o tla o lebela
    ha o eya le ha o kgutla,
    ho tloha jwale le kamehla yohle.
  • Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale, le sebedise monyetla oo le o fumanang, hobane mehla ena e mebe.
  • Jwalokaha motho
    a ipona sefahleho ka metsing,
    pelo ya motho
    le yona ke seipone sa hae.
  • Re phela ka tumelo, e seng ka ho mmona.
  • Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho. Tsebang hore Morena o tla le putsa ka ho le etsa majalefa a hae. Morena eo le mo sebeletsang ke Kreste.
  • Ya thahasellang ho loka le lerato
    o tla fumana bophelo
    le toka le tlotla.
  • Ebe motho a ka boellwa ke eng, haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae?
  • Leha mmele wa ka
    le pelo ya ka di ka fela,
    Modimo ke lefika la ka
    le kabelo ya ka kamehla.
  • Ya ratang ho phela,
    le ho bona matsatsi a thabo,
    a tshware leleme la hae
    ho bua tse mpe,
    le molomo wa hae
    ho bua thetso.
    A furalle bobe, a etse botle,
    a batle kgotso, a e pheelle.
  • Dintho tsohle
    di beetswe dinako tsa tsona,
    nako tsa ho etsa tsohle
    mona lefatsheng.
  • Wena o lefika la ka
    le qhobosheane ya ka;
    ntsamaise, o ntataise
    ka baka la lebitso la hao.
  • Baballa pelo ya hao,
    e baballe ho feta tsohle,
    hobane ke yona diba sa bophelo.
  • Morena, mpontshe ditsela tsa hao,
    o nthute mehlala ya hao.
  • Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.
  • Jesu a re ho bona: “Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna ha a ka ke a lapa le ka mohla, mme ya dumelang ho nna ha a ka ke a nyorwa le ka mohla.”
  • Kgoba matshwafo, o lebelle Morena;
    o se ke wa itlhonamisa
    ka eo tsohle di mo atlang,
    e leng
    ya phethang merero e kgopo.
  • Ruri lehlohonolo le mohau
    di tla ba le nna,
    ka matsatsi wohle a bophelo ba ka;
    mme ke tla phela ka tlung ya Morena,
    ke phele kateng kamehla yohle.
  • Ya tshwarang leme la hae
    o baballa bophelo ba hae,
    ya phasolohang feela
    yena o tla timela.
  • Kajeno ke le laetse hore le rate Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le boloke melao ya hae, le ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, e le hore le tle le phele, mme le ate. Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa naheng eo le yang ho yona, hore e tle e be ya lona.
  • Se ke wa re:
    “Ke hobaneng ha tshiu tsa kgale
    di bile molemo ho feta tsa kajeno?”
    Ho botsa potso ena
    ke ho hloka bohlale.
  • Ya dumelang ho nna, jwalokaha Mangolo a boletse, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla di etswa ka ho yena.
  • Mohla tsatsi la thabo
    nyakalla le wena,
    mohla tsatsi la mahlonoko
    ako hopole sena:
    Matsatsi ana, bobedi,
    a entswe ke Modimo;
    kahoo tsa kamoso
    motho a ke ke a di tseba.
  • Ya mamelang ha a kgalengwa
    o tseleng ya bophelo,
    empa ya sa mameleng,
    yena o a kgeloha.
  • Pheellang ho phela le bohle ka kgotso le ka kgalalelo, hobane ntle ho yona ha ho ya tla bona Morena.
  • Kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna.

Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale.
Bala tše dingwe...

Temana ya Bibele ya lehono

Morena, o tseba tsohle
tseo ke di lakatsang,
ho fehelwa ha ka
ha ho a pateha ho wena.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Temana ya Bibele ya go se kgethwe ka maikemišetšo

Oho, Morena,
ke wena Modimo wa ka,
ke tla o tlotla,
ke rorise lebitso la hao,
hobane wena o entse dimakatso,
merero ya hao ya kgale
e a tshepeha, ke ya nnete.
Temana ya go latela!

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela